O Matlafalitsoe ke Tšepo ea Muso
KA ’MESA 1987 Lila, mosali ea leng lilemong tsa hae tsa bo80, o ile a shebella monna oa hae ha a e-shoa sepetlele haufi le Portland, Oregon. Mahlo a baoki a tletseng mohau a ne a mo talimile. O ile a talima setopo a ema ’me a se phaphatha.
O ile a re: “U bile monna ea molemo, ’me ke tla u bona tsohong!” Eaba oa khutla ’me o re: “Ke bua joalo hobane ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. E reng ke hlalose.” O ile a tsoela pele ho bua ka tsoho le lefatše le lecha la Molimo.
Hamorao, ha a ne a tsamaea sepetlele, ngaka ea pelo e neng e phekola monna oa hae e ile ea mo atamela tselaneng ea sepetlele. E ile ea ema ’me ea mo tšelisa. Hang-hang o ile a qala ho hlalosa hore ka potlako o tla bona monna oa hae lefatšeng le lecha ka tsoho. O hlile a fana ka bopaki bo bongata pele a tsamaea, ’me a re: “Lila, le ’na ke tšepa hore ho tla ba kamoo u batlang kateng.” Ha a se a tsamaea, Lila o ile a re: “Ho tla ba joalo, ’me ke rata ho u bona moo le uena!”
Lila o ne a sa tsebe hore Lipaki tsa Jehova li nile tsa etela ngaka ena. Ha a hlokomela kamoo tumelo ea Lila e matlafalitsoeng kateng nakong ea khatello e bakiloeng ke lefu la monna oa hae le ho utloa tšepo e molemo ea bokamoso, ngaka e ne e matlafetse. Ngaka le mosali oa eona ba ile ba tsoela pele ho buisana le Lipaki tsa Jehova.
Likhoeli tse ’maloa hamorao, ka Pherekhong 1988, Lila o ile a qala ho kula ’me a qetella a le sepetlele. O ne a sa arabele phekolong ea meriana ’me ho ne ho bonahala a fokola. Ngaka ea pelo e ile ea utloela ka sena ’me hang-hang ea mo etela sepetlele lefapheng la bakuli ba kulang haholo. E ile ea botsa: “Lila, u phela joang?”
“E seng hamonate hakaalo.”
“U hlōlohetsoe Erick, na ha ho joalo?”
“E, ho joalo, ke mo hlōlohetsoe haholo ho feta leha e le neng pele.”
Joale o ile a buisana le eena ka tšepiso ea Bibele ea ho bona Erick hape tsohong, le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha le phethahetseng. Ha e le hantle, tsena e ne e hlile e le lintho tseo Lila a ileng a ’molella tsona pele monna oa hae a shoa! Oo e ne e le moriana o molemohali oo a mo neiloeng ’ona. O ile a hlaphoheloa, ’me nakong ea beke o ne a lokolotsoe sepetlele, ’me a qalisa mosebetsi oa boboleli ba Bokreste ka matla a macha.
Ho thoe’ng ka ngaka ea pelo? Eena le mosali oa hae ba ile a nehela bophelo ba bona ho Molimo ’me ba ile ba kolobetsoa kopanong ea setereke ea Lipaki tsa Jehova Corvallis, Oregon, ka Phuptjane 1988.—E nehetsoe.