Seo Ngoana ea E-song ho Hlahe a se Tsebang
PHUPUTSO ea haufinyane e tiisitse hore lesea le e-song ho hlahe le angoa haholo ke seo ’mè oa lona a se jang, lithethefatsi tseo mohlomong a ka ’nang a li sebelisa, ebang oa tsuba kapa che. Lesea le e-song ho hlahe le boetse le utloa seo ’mè oa lona a se mamelang ’me ka ho hlakileng lea ameha.
Ka mohlala: Motsamaisi oa sehlopha sa ’mino sa Hamilton Philharmonic Orchestra Ontario, Canada, o tlalehile hore ha a sa le mocha, ho bonahala lipina tse ngata tseo a neng a li bina li ne li tšoana ka ho makatsang, le hoja a ne a e-s’o li utloe. Ka mehla e ne e le karolo e binoang ka katara e neng e ena le ho tšoana hona ho makatsang. O ile a bolella ’mè oa hae, eo e leng setsebi sa ’mino, ka taba ena. Ha a botsisisa, o ile a ’molella mabitso a lipina tseo a ’nileng a li bina, ’me sephiri se ile sa rarolloa. O hlalositse hore nakong eo a leng ’meleng, tsena e ne e le lipina tseo a ’nileng a li bina!
Hona joale, ho ea ka mongoli oa koranta Erma Bombeck, koranta ea bongaka ea Brithani e tlaleha ka bothata boo koranta ena e bo bitsang “bokhoba ba lipale tsa masea a e-song ho hlahe.” Masea a e-song ho hlahe a fetoha makhoba a lipale tsa TV tseo bo-’mè ba oona ba li mamelang. “Ke lakatsa hoja nkabe ke tsebile sena ha ke ntse ke le moimana,” ho hlokometse Bombeck. “Ke ile ka shebella haholo ‘The Waltons,’” lenaneo le monate la thelevishene lilemong tse ngata tse fetileng. Oa phaella: “Ha ho makatse ha re ena le bana ba batlang hore ba phunngoe litsebe ha ba le lemo li peli, ba intše ha ba le lilemo li 9 ’me ba be le likamore tsa bona ha ba le lilemo li 13.”