Li U Fete Hobane’ng
Ha mosali e mong ea lilemong tse mahareng a ntse a eme moleng ka bankeng New York City, o ile a hlokomela hore monna ea neng a le ka pele ho eena o ne a ntse a bala makasine oa The Watchtower (MolutaQhooa). O ne a laba-labela ho bala sehlooho sa oona se buang ka thapelo, eaba o ngola letsatsi la tokollo eo.
Matsatsi a ’maloa hamorao, Lipaki tsa Jehova tsa fihla ha hae, ’me tsa botsa: “Na le na le litokollo tsa July tsa The Watchtower?” Ka mor’a ho hlokomela lebaka le etsang hore mosali eo a thahaselle makasine o itseng haholo-holo, e mong oa Lipaki a re: “Tsela e molemo ka ho fetisisa ea hore u se fetoe ke tokollo leha e le efe e thahasellisang ke ho etsa peeletso.”
Mosali eo o ile a khōtsa: “Ke ne ke sa tsebe hore u ka etsa joalo!” Ha a bolelloa hore peeletso ea selemo ke $5 (R12),o ile a araba: “Na u tiisitse? Ke feela [R12] bakeng sa selemo kaofela?” Ha a tiisetsoa hore ke eona, o ne a sa batle The Watchtower feela empa le makasine oabo oona Awake! Mosali eo a botsa hape: “Na u tiisitse hore nka fumana limakasine tseo ka bobeli ka [R24] feela?”
Mosali o ne a thabile haholo ka ho fumana Paki hore e mo etsetse peeletso. Le uena u ka fumana likamasine tsa Molula-Ohooa le Tsoha! li tlisoa lapeng la hao. Romela R18 feela, ’me u tla fumana limakasine tsena ka bobeli (likopi tse tharo ka khoeli) bakeng sa selemo se le seng.
Ka kōpo nthomelleng peeletso ea selemo bakeng sa Molula-Qhooa le Tsoha! Ke kentse R18.