Leqephe la Bobeli
HONA JOALE, kaofela ha rōna re tšoarehile ka ho hlahisa mehloli e tšehetsang khoebo ea tsona. U etsa ntho e ’ngoe eo li e batlang. Ke eng hona “hoo”? Ke libanka tsa mali le litsi tse bokellang karolo e mokeli-keli ea mali.
Bahto ba bangata ba lumela hore khoebo ea mali e batla feela ho pholosa bophelo. Empa lenane le eketsehileng la bahlahlobisisi le qosa ka hore banka ea mali e mpa e le feela khoebo e ’ngoe e khōlō. Kahoo, ha e le hantle, lisele tsa mali li fetoha chelete.