Kamoo Lenyalo le Ileng la Bolokoa ka Teng
’Mali ea tletseng kananelo oa Afrika Boroa o ile a ngola: “Ho sebelisa keletso ea buka Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng ho ile ha boloka lenyalo la ka. Khaolo ea 5, ‘Mosali ea Ratoang Haholo,’ e ile ea mpula mahlo. Ha ho mohla nkileng ka nahana hore nka baka mathata a mangata hakaalo ke sa hlokomele. Ke leboha haholo. Lenyalo la ka le bile mathateng a maholo, ’me hona joale, ka mor’a likhoeli feela, le khutletse boemong bo tloaelehileng ba thabo.”
Haeba u rata ho thusoa ho etsa hore lenyalo la hao ebe le thabileng haholoanyane, u ka rua molemo bukeng ena. Fumana kopi ka ho tlatsa setlankane sena le ho se romela.
Ka kōpo nthomelleng kopi ea buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192 Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufi le uena ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 5.)