Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Thahasella Malumeli a Mang?
Batho ba bangata ba tseba feela bolumeli ba batsoali ba bona ’me hangata ba bo tseba hanyenyane feela. Na bolumeli ba hao e lokela ho ba boo u hlahetseng ho bona? Kapa u lokela ho etsa khetho e bohlale ka ho bapisa bolumeli ba hao le malumeli a ba bang?
Ha ba ntse ba batla Molimo, banna le basali ba ’nile ba qamaka libakeng tse ngata—mefuteng e sa tšoaneng ea malumeli—Bohindu, Boislam, Bobuddha, Bojode, Boshinto, Botao, le Bokreste. Na u tseba hore a fapana joang? A tšoana ka litsela life? Buka e maqephe a 384 Moloko oa Batho o Batla Molimo e tla arabela lipotso tsa hao tse ngata. Hape e ka ’na ea u lebisa ho Molimo oa ’nete.
Nka thabela ho fumana buka e maqephe a 384, e nang le litšoantšo tsa ’mala Moloko oa Batho o Batla Molimo. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le leng sebakeng sa heno bakeng sa boitsebiso. Bona leqephe 5.)