Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 8/8 leq. 32
  • Ho Sebetsana le Maikutlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebetsana le Maikutlo
  • Tsoha!—1991
Tsoha!—1991
g91 8/8 leq. 32

Ho Sebetsana le Maikutlo

Ho etsa seo ka katleho ke phephetso ea sebele. Mocha e mong o pheta phihlelo ea hae: “Ke ne ke ee ke ikutloe ke thabile, empa motsotsong o latelang ke tepelle maikutlo ka ho tebileng. Ka linako tse ling ke ne ke bile ke sa tsebe le hore na ke ikutloa joang. Ho ne ho le joalokaha eka ke lahlehile ka ho felletseng lefifing. Ke ne ke sa khone ho hlalosa boikutlo ba ka ho sa tsotellehe hore na ke bua le mang, esita le ho ’na ka bonna. Ke ne ke e-na le maikutlo a hore batho ba mpota-potileng ha ba ntsotelle, haholo-holo liithuti-’moho le ’na hobane ke ne ke sa khahlehe ka ho lekaneng. Qetellong maikutlo ana a ne a ntšoenya, eaba ke qala ho itlhoea le ho hloea botho ba ka.”

Ngoanana enoa o ne a e-na le buka Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. Oa ngola: “E ne e thahasellisa haholo, kahoo ke ne ke batla ho bala khaolo e latelang, ‘Ho Fetela Bosaling.’ Ke ile ka makatsoa ke seo ke ileng ka se bala. Khaolo ena e ile ea hlalosa hantle tsela eo ke neng ke ikutloa ka eona ka nako eo, ea ba ea mpha lebaka la boikutlo bona. E ile ea e-ba ho khothatsang haholo ho utloa hore ho ikutloa ka tsela ena ke ho tloaelehileng ka mokhoa o phethahetseng. Ho hlokahala feela hore ke tsebe mokhoa o nepahetseng oa ho sebetsana le hona.”

Ntle le ho thusa bacha ho sebetsana le maikutlo a bona, buka ena e bua ka litaba tse kang tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ’me e arabela lipotso tsena, Na bacha ba lokela ho noa lino tse tahang? le, Na ba lokela ho ba le likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo? Haeba u rata ho fumana kopi, re kōpa hore u tlatse u be u romelle setlankane sena.

Nka rata ho amohela buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192 Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le sebakeng sa heno ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 5.)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela