Thuso ea ho Hōla
Ho hōla ha ho bonolo mehleng ena e tletseng likhathatso. Bacha ba tobana le maemo a mangata a macha ’me ba tlameha ho etsa liqeto tse boima. Na ke lokela ho tsuba? Na ke lokela ho amohela lithethefatsi? Ke boitšoaro bofe bo loketseng le motho e motōna kapa e motšehali? Ho thoe’ng ka ho pholla litho tsa botōna kapa tsa botšehali ho li khotsofatsa le bosodoma? Mocha e mong o ngotse:
“Hona joale ke se ke batla ke le lilemo li 13, ’me ke ne ke mpa ke batla ho le leboha bakeng sa buka ea Bocha. Buka ena e nthusitse haholo har’a mehla ena e thata ea ho hōla. Ke mpa ke lakatsa eka bana bohle bao e leng lithaka tsa ka kapa ba baholoanyane ba ka be ba tseba ka buka ena.”
Buka ena, e arabelang lipotso tsohle tse ka holimo le tse ling tse ngata, ke Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona. Haeba u lakatsa ho amohela kopi ea eona, ka kōpo tlatsa le ho romela setlankana se ka tlaase.
Nka thabela ho amohela buka e sekoahelo se thata e maqephe a 192 ea Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la sebakeng sa heno la Watch Tower bakeng sa boitsebiso. Bona leqephe 5.)