Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 4/8 maq. 16-19
  • Ntho Ena e Bitsoang Boikutlo ba ho Lemoha Lintho Kapele ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntho Ena e Bitsoang Boikutlo ba ho Lemoha Lintho Kapele ke Eng?
  • Tsoha!—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Tsosa Thahasello Pelong le Kelellong’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Bokahohle ha bo Qete ho re Makatsa
    Tsoha!—2009
  • Mont Blanc—Sebaka se Phahameng ka ho Fetisisa Europe
    Tsoha!—2010
  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka Boloi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 4/8 maq. 16-19

Ntho Ena e Bitsoang Boikutlo ba ho Lemoha Lintho Kapele ke Eng?

MANTSIBOEA a mang ka 1893, mongoli oa k’hamphani ea mashala Detroit, Michigan, U.S.A., o ile a bona ntho e sa tloaelehang e iketselitsoeng ka likarolo tse sa sebelisoeng le mabili a baesekele e etsa molumo o lerata e ntse e theosa ka seterata. Hang-hang, a ba le boikutlo bo matla—boikutlo ba tšohanyetso ba temoho. Ka tsela e itseng o ne a tseba hore o bona ntho e qapiloeng e nang le bokamoso. Kapele o ile a ntša chelete eo a e bolokileng bophelong ba hae ea liranta tse 2 750 le ho kenya chelete eo hore e eketsehe k’hamphaning ea seqapi seo, a hlokomoloha ho songoa ke litsebi tse neng li phehella hore ntho eo e ke ke ea tsebisahala. Lilemo tse 30 hamorao, o ile a rekisetsa k’hamphani ea likoloi ea Henry Ford liabo tsa hae ka liranta tse limillione tse 96,25. Bonyane, boikutlo ba hae ba ho lemoha lintho kapele bo ile ba mo tlisetsa phaello e ntle!

Rasaense ea tsebisahalang, Albert Einstein, ke e mong ea ileng a nka khato ka boikutlo ba tšohanyetso ba temoho. O bile le khopolo—eo hamorao a ileng a e bitsa monahano o thabileng ka ho fetisisa oa bophelo ba hae—e ileng ea lebisa ho hlaheng ha thuto e tummeng ea kamano ea lintho e akaretsang. Einstein o ile a etsa qeto ea hore boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ke ba bohlokoa haholo tšibollong ea melao ea tlhaho. Leha ho le joalo, ha se maikutlo ’ohle a ho lemoha lintho kapele a Einstein a ileng a ipaka a atleha hantle. O ile a ipolela hore o kile a lahleheloa ke mosebetsi o boima o lekanang lilemo tse peli ka ho phehella boikutlo bo thetsang ba ho lemoha lintho kapele bo sa kang ba e-ba le phello e ntle.

Ho hlakile hore boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ha se ka mehla bo tlisang botumo le leruo, leha e le hore ke feela ntho ea batho ba bohlale haholo le bo-ralichelete ba baholo. Bakeng sa bongata ba rōna, boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ke karolo ea ka mehla ea bophelo ba letsatsi le letsatsi. Bo phetha karolo e itseng liqetong tse ngata tseo re li etsang: qeto ea ho se tšepe motho eo re sa mo tsebeng, ho etsa khetho ea ho kena tšebelisanong ea khoebo, ho hakanya hore ho na le ntho e phoso ka motsoalle eo lentsoe la hae le sa utloahaleng hantle thelefonong.

Leha ho le joalo, ba bangata ba itšetleha ka boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ho etsa liqeto tsa bohlokoa: hore ba tla hahamalla mosebetsi ofe, hore ba tla phela kae, hore na ba nyala mang, haesita le bolumeli boo ba tla phela ka bona. Ha boikutlo ba ho lemoha lintho kapele bo sa hlahise liphello tse ntle litabeng tsena, liphello li ka ba khōlō ho feta ho lahleheloa ke mosebetsi oa lilemo tse peli, joalokaha ho etsahetse ho Einstein. Joale “boikutlo ba ho lemoha lintho kapele” (intuition) ke eng? Bo tšepahala hakae?

Ngoanana e mong ea qotsitsoeng ho The Intuitive Edge, ea Philip Goldberg, o arabile potso eo ka hore: “Boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ke ha u tseba ntho e itseng, empa, ka mohlala, u ipotsa hore na u e fumane hokae?” Boikutlo ba ho lemoha lintho kapele bo ’nile ba hlalosoa e le “tsebo e tlang ho motho ntle le ho hopola kapa ho nahana.” Kamoo ho bonahalang ka teng, boikutlo ba ho lemoha lintho kapele bo akarelletsa mofuta o itseng oa ho tlōla—ho tloha ka ho toba bothateng ho fihla ho tsebeng tharollong ea bona. Hang-hang, re se re tseba karabo kapa re utloisisa boemo. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore boikutlo ba ho lemoha lintho kapele bo tšoana le tšusumetso kapa takatso.

Ka mohlala, ho bolela hore: “Ha ke e bona ke hlile ka tseba hore ke tlameha ho e fumana,” ha ho bontše boikutlo ba ho lemoha lintho kapele e le takatso. Boikutlo ba ho lemoha lintho kapele bo ka bonahala bo tšoana le takatso hobane bo bonahala bo tla ho rōna ntle le hore re nahane ka mokhoa o reriloeng hantle le ka mohato ka mohato. Empa metso ea bona e hōle haholo le takatso e nang le maikutlo le ea mohlolo e hlahang hangata pelong ea rōna e “mano.”—Jeremia 17:9.

Kamoo ho bonahalang ka teng, boikutlo ba ho lemoha lintho kapele hase setho sa kutlo sa botšelela sa mohlolo. Joalokaha The World Book Encyclopedia e bolela: “Ka ho sa nepahalang batho ba bang ba bitsa boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ‘setho sa kutlo sa botšelela.’ Empa hangata patlisiso e bontša hore boikutlo ba ho lemoha lintho kapele bo thehiloe phihlelong, haholo-holo phihlelo ea batho ba hlokolosi haholo.” Motho o haha “polokelo ea lintho tseo a li hopolang le ea lintho tse ileng tsa etsa hore a hlolloe,” tseo ho tsona kelello e ka nkang “mohopolo oa tšohanyetso o bitsoang boikutlo ba ho lemoha lintho kapele, kapa ‘boikutlo ba temoho,’” ho rialo Encyclopedia.

Ho fapana le ho ba ntho ea sephiri kapa ea mohlolo, boikutlo ba ho lemoha lintho kapele bo bonahala bo hlaha ka tlhaho ha motho a fumana tsebo e khethehileng. Joaloka makasine Psychology Today o hlokometse haufinyane: “Babatlisisi ba fumane hore batho ba nang le boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ba na le tšobotsi e le ’ngoe e tšoanang ea bohlokoa: Ke litsebi mafapheng . . . a itseng a tsebo. Hape ba sebelisa habonolo tsebo ea bona ea libuka ho rarolla mathata likarolong tsa bona tse khethehileng tsa mosebetsi. Ha e le hantle, batho ba bonahala ba e-na le boikutlo ba ho lemoha lintho kapele hobane—le ho isa bohōleng ba hore—ba na le tsebo.” Empa ke hobane’ng ha tsebo e khethehileng e hlahisa boikutlo ba ho lemoha lintho kapele?

Michael Prietula, mothusi oa moprofesa oa tsa tsamaiso ea tšebetso, o hopola hore ha ba ntse ba e-ba le tsebo e eketsehileng ka taba e itseng, “ho ba le phetoho e etsahalang butle mabapi le kamoo batho ba nahanang le ho beha mabaka ka teng.” Kelello e hlophisa boitsebiso ka likaroloana, kapa likaro tse khōlō. Mefuta ena e pharalletseng ea boitsebiso ka linako tse ling e lumella monahano ho feta mehato e tsamaeang butle ’me e tlōlele ka ho toba liqetong tse thehiloeng boikutlong ba ho lemoha lintho kapele, kapa maikutlo a temoho. Ho latela Prietula, maikutlo ana a temoho aa ntlafala ha boko bo kopanya mefuta ena e pharalletseng ea boitsebiso.

Nahana ka mohlala oa ka mehla ho tsoa bukeng Brain Function: “Sheba setei sa liloko ha se koba habonolo terata e leng lokong e rarahaneng le ho e qothōla hore e bulehe, joalokaha eka se tataisoa ke boikutlo bo bong ba mohlolo ba ho lemoha lintho kapele.” Boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ba setei sa liloko bo ka ’na ba bonahala e le mohlolo ho motho ea shebelletseng; bonneteng, bo hlahisitsoe ke lilemo tse ngata tsa phihlelo. Kaofela ha rōna re sebelisa mofuta ona oa boikutlo ba ho lemoha lintho kapele. Ka mohlala, ha u palame baesekele, ha u elelloe ha u bua mantsoe a kang, ‘ke nahana hore ho molemo ho suthisetsa lebili le ka pele hanyenyane ka lehlakoreng le letona, ho seng joalo ke tla lahleheloa ke botsitso.’ Che, boko bo etsa liqeto tse joalo ho tsoa boikutlong ba ho lemoha lintho kapele, bo theiloeng tsebong eo u e fumaneng phihlelong.

Ka ho tšoanang, boikutlo ba Einstein ba ho lemoha lintho kapele thutong ea physics ha boa ka ba itlhahela feela. O ne a na le pokello ea tsebo e khethehileng eo a neng a ka ntša ho eona. Leha ho le joalo, ho ba le tsebo e khethehileng karolong e itseng ea thuto ho ne ho ke ke ha etsa hore motho a be le boikutlo ba ho lemoha lintho kapele thutong e ’ngoe. Boikutlo ba Einstein ba ho lemoha lintho kapele bo ne bo ke ke ba mo thusa ho lokisa bothata bo amanang le lipeipi tsa metsi.

Likelellong tsa ba bangata, mantsoe “basali” le “boikutlo ba ho lemoha lintho kapele” a tsamaea hammoho. Na kannete basali ba na le boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ho feta banna? Haeba ho joalo, taba ea ho fumana tsebo e khethehileng e hlalosa ketsahalo ena joang?

Nahana ka mohlala o tloaelehileng. Lesea le ea lla. ’Mè ea nang le phihlelo, o ntse a sebetsa kamoreng e ’ngoe, o nka lileire ho e-na le ho lokisetsa ho fepa ngoana. Hobane’ng? O hlaoletse boikutlo ba ho lemoha lintho kapele mabapi le ho lla ha ngoana oa hae. Oa tseba hore ke lillo life tse bontšang hore lesea le hloka eng le hore ke life tse ka ’nang tsa hlaha ka nako e itseng. Ka ho panya ha leihlo, ntle ho ho nahana, o khona ho tseba litlhoko tsa ngoana le ho nka khato e loketseng. Na sena se bolela hore ho na le setho se seng sa kutlo sa botšelela se sebetsang ho eena? Che, boikutlo ba hae ba ho lemoha lintho kapele bo theiloeng tsebong e khethehileng joaloka ’mè, ke molemo o fumanoeng ka boiteko bo matla ba phihlelo. ’Mè e mocha kapa motho ea salang le ngoana ba ka tsieleha boemong bo tšoanang ka lekhetlo la pele.

Khopolo ea hore basali ba na le boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ha ea lekanyetsoa ho bo ‘mè feela. Ba bangata ba hlokometse hore hangata basali ho bonahala ba khona ho lemoha kapele maemo a thata a amanang le batho le botho ho feta banna. Bo-rasaense ha ba tiise hore ke hobane’ng ha batho ba batona le ba batšehali ba fapana tabeng ena.

Lithutong tsa hae ka taba ena, setsebi sa kelello Weston Agor, oa Univesithi ea Texas, El Paso, o entse qeto ea hore le hoja basali, ka kakaretso, ba na le boikutlo bo bohōloanyane ba ho lemoha lintho kapele ho feta banna, phapang ena e itšetlehile haholo ka moloko ho e-na le matla a kelello. Litsebi tse ling le tsona li bolela hore likarolo tsa moetlo tsa basali li ba ruta ho bona hamolemo botho ba motho. Joaloka Margaret Mead setsebi sa anthropology a ho hlalosa: “Ka lebaka la ho ithuta ha bona ka lilemo tse ngata ka likamano tsa batho—ke sona se boleloang ka boikutlo ba batho ba batšehali ba ho lemoha lintho kapele—basali ba etsa karolo e khethehileng morerong leha e le ofe o etsoang ke sehlopha sa batho.”

Le hoja taba ea boikutlo ba basali ba ho lemoha lintho kapele e le taba e inahaneloang, ho na le tumellano e hōlang har’a litsebi ea hore boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ke sesebelisoa sa bohlokoa haholo sa banna le basali. Bukeng ea hae The Process of Education, setsebi sa kelello Jerome Bruner o re: “Tlotliso e mofuthu eo bo-rasaense ba e nehang basebetsi-’moho le bona ba tšoauoang ba e-na le ‘boikutlo ba ho lemoha lintho kapele’ ke bopaki bo boholo ba hore boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ke ntho e molemo saenseng le eo re lokelang ho leka ho e kenya ho liithuti tsa rōna.”

Leha ho le joalo, ha se liithuti tsa saense feela tse bonang bohlokoa ba tšebetso ea boikutlo ba ho lemoha lintho kapele le ho lakatsa ho bo hlaolela. Potso ke hore, Na ho ka etsoa? Ke ’nete hore, batho ba bang ba nehiloe ho feta ba bang tabeng ea ho ba le boikutlo ba ho lemoha lintho kapele. Empa kaha boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ho bonahala bo amahanngoa haufi haholo le ho fumana tsebo e khethehileng, litsebi tse ling li nahana hore re ka eketsa matla a boikutlo ba tlhaho ba ho lemoha lintho kapele ka ho ela hloko haholoanyane tsela eo re ithutang ka eona.

Ka mohlala, ha u bala, u se ke ua leka ho kenya lintlha tse ngata feela ka kelellong. Ipotse lipotso. Hlakisa sohle seo u sa se utloisiseng. Leka ho akaretsa lintlha tse khōlō le ho bonela liqeto pele. Ho e-na le ho leka ho utloisisa lintlha tse nyenyane tse ngata-ngata, batla likarolo le mefuta e pharalletseng, melao-motheo e patehileng. Joaloka moprofesa oa tsebo ea kelello Robert Glaser a e bona, “matla a ho utloisisa likarolo tse khōlō tse utloahalang” ke oona motso oa boikutlo ba ho lemoha lintho kapele.

Ho hlakile hore, hase boikutlo bo bong le bo bong ba ho lemoha lintho kapele bo nepahetseng. Ka mohlala, ho thoe’ng haeba boikutlo ba ho lemoha lintho kapele bo theiloe tsebong e fosahetseng? Monahano ona o utloahalang o ka re susumelletsa hore re hlahlobe ka hloko ho nepahala ha seo re ithutang sona. Hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng, Bibele ka bohlale e buile feela joalo. Ba-Filippi 1:10, (NW) e beha tjena: “Nepisisang lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa.”—Bona hape le Liketso 17:11.

Ntho e ’ngoe e sitisang boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ke hore bo ka pupetsoa ke maikutlo a rōna. Ke ka baka leo ho itšetleha feela ka boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ha u etsa liqeto tse khōlō kapa u ithuta batho ho ka bang kotsi. Setsebi sa kelello Evelyn Vaughan oa hlokomelisa: “Haeba maikutlo a hao a tsepamisitsoe nthong e itseng, boikutlo ba hao ba ho lemoha lintho kapele bo ke ke ba tšepahala haholo ntle le ha e-ba u ka laola maikutlo a hao.” Bohale, tšabo, mohono, le lehloeo—maikutlo ana a matla, le hoja ka booona e se maikutlo a ho lemoha lintho kapele, a ka susumetsa le ho silafatsa boikutlo ba rōna ba ho lemoha lintho kapele. Ka mohlala, nka batho ba babeli ba ’nileng ba hloeana ka nako e telele. Ha ho hlaha ho se utloisisane ho hocha, ka mong oa bona ka baka la boikutlo ba ho lemoha lintho kapele o se a ntse a tseba hore e mong o na le maikutlo a sa lokang. Leha ho le joalo, ka bohlale, Bibele e re lemosa khahlanong le mofuta o joalo oa ho ahlola ka ho ‘talima tšobotsi.’—2 Ba-Korinthe 10:7.

Boikhohomoso ke boikutlo bo bong bo ka etsang hore re itšetlehe haholo ka maikutlo a rōna a ho lemoha lintho kapele, joalokaha eka a na le molemo o itseng o khethehileng ho feta kahlolo le lipono tsa batho ba bang. Re ka etsa liqeto kapele re sa kopana le ba amehang. Kapa boikhohomoso bo ka etsa hore re itšoarelle ka manganga qetong e entsoeng ka boikutlo ba rōna ba ho lemoha lintho kapele ha re ntse re utloisa maikutlo a ba bang bohloko kapa keletso ea ba bang e nahanetsoeng hantle. Hape, Bibele e na le keletso e ntle: “Hobane ekare ha e mong a itekanya hore ke letho, athe hase eng, o ithetsa e le eena.”—Ba-Galata 6:3.

Qetellong, ho itšetleha haholo maikutlong a ho lemoha lintho kapele ho ka baka botsoa ba kelello. Ha ho na tsela e khaoletsang ea ho fumana tsebo, kutloisiso, le bohlale; thuto e hlophisitsoeng ke eona feela tsela. Kahoo, ho e-na le ho tšoara monahano oa pele o hlahang oa boikutlo ba ho lemoha lintho kapele, motho ea bohlale o haha pokello ea tsebo, eo e fetohang mohloli oa kutloisiso, temohisiso—hangata e ba le oa boikutlo ba ho lemoha lintho kapele.

Ka holim’a tsohle, maikutlo a ho lemoha lintho kapele ke a bohlokoa hafeela a lumellana le kelello e khōlō ka ho fetisisa bokahohleng—kelello ea ’Mōpi. Ke eena mohloli oa tsebo e nepahetseng le bohlale ba ’nete, ’me o batla hore re iphepe tsebo ena ea bohlokoa. Ka Bibele, ka mosa o re lumella hore re tsebe mehopolo, maikutlo, le liketso tsa hae. Ha re sebelisa tsebo ena bophelong ba rōna, ‘matla a rōna a temoho,’ ho akarelletsa le maikutlo a ho lemoha lintho kapele, a tla “koetlisoa.”—Ba-Heberu 5:14, NW.

Kahoo fumana tsebo e khethehileng karolong ena ea tsebo ka ’Mōpi le Mora oa oona. (Johanne 17:3) U ke ke ua fumana letho le molemo ho feta boiteko ba hao. Ha ho na mohloli o molemo ho feta ona oa ho fumana boikutlo ba ho lemoha lintho kapele.

Einstein o ile a nka boikutlo ba ho lemoha lintho kapele e le ba bohlokoa haholo

Boikutlo ba ho lemoha lintho kapele hase setho sa kutlo sa botšelela sa mohlolo

Na ka sebele basali ba na le boikutlo bo bohōloanyane ba ho lemoha lintho kapele ho feta banna?

Ka baka la boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ’mè o tseba litlhoko tsa lesea la hae ha le lla

Boikutlo ba ho lemoha lintho kapele ha bo tšepahale ha bo thehiloe tsebong e fosahetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela