‘Bolotsana bo Fumanoeng Libakeng tsa Thuto e Phahameng’
TLALEHONG e phatlalalitsoeng makasineng oa Brithani New Scientist oa January 25, 1992, bahlahlobi ba lichelete ba ile ba qotsoa ba re: “Likhoeling tse 6 tse fetileng sehlopha sa bahlahlobi ba lichelete se ile sa hlahlobisisa litlaleho tsa lichelete tsa liunivesithi tse 14 tse ka sehloohong tsa [U.S.A.] tsa sechaba, se batla litšenyehelo tse ileng tsa lefuoa ka letlōle la ’muso ka ‘phoso.’ ‘Re ile ra fumana hore likolo tseo tse 14 li ne li akarellelitse [liranta tse limillione tse 56,1] tsa litšenyehelo tse sa lumelloang.’”
Bahlahlobi ba lichelete ba ’muso ba ne ba etsa phuputso selemo se fetileng ha ho tla sibolloa hore Univesithi ea Stanford e ne e inketse liranta tse limillione tse 69 tsa chelete ea balefi ba lekhetho. Ho ne ho akarelletsoa le litšenyehelo tse kang lipalesa tsa letsatsi le letsatsi tse ncha bakeng sa ntlo ea mopresidente oa univesithi, mokete oa lenyalo, ho sesisa liketsoana, litefello tsa matlo a boithabiso, le ho tsamaisa setsi sa mabenkele. A talimane le linnete tsena tse seng monate, mopresidente oa Stanford nakong eo, Donald Kennedy, o ile a re a ka ntša “litšenyehelo tse ke keng tsa utloisisoa habobebe ke batho” ka hona a “qobe pherekano efe kapa efe e ka bang teng.” Ha e bua ka karabelo ea hae, Boston Herald, ea January 1, 1992, e itse: “Ka mantsoe a mang, bothata ke hore feela matšoele-tšoele a batho ba sa rutehang a seng ka univesithing a ke ke a utloisisa seo Barutehi ba hlomphehang ba se etsang ka thutong.”
Ke ka mor’a hore ho utulloe lintho tsena mabapi le Stanford moo bahlahlobi ba lichelete ba ’muso oa United States ba ileng ba romeloa ho ea nka leeto la bona la morao-rao liunivesithing tseo tse 14 ha ba tla sibolla liranta tse limillione tse 56,1 tse ling tse neng li utsoitsoe. Ho ne ho ameha liunivesithi tse tummeng joaloka Univesithi ea Michigan, ea Johns Hopkins, ea Yale, le ea Emory. Litšenyehelo tse fanoeng ke liunivesithi tseo tse 14 li ne li akarelletsa lintho tse kang “litheko tsa litekete tsa sefofane tsa basali ba bapresidente; tekete ea sefofane ea ho ea Grand Canyon ho ea ba teng sebokeng sa bo-ramatsete; litefello tse ’maloa tsa ho ea ba teng lipapaling tsa bolo; chelete e neng e lefa motho ea neng a qoqa moketjaneng oa Keresemese; le ho lefella ho ba litho tsa mekhatlo ea mabelo ea univesithi le mekhatlo e fapaneng ea boithabiso ho akarelletsa le mokhatlo oa ho sesisa liketsoana.”
Ha babatlisisi ba ’Muso ba phatlalatsa hore le bona ba ea M.I.T. le Harvard, libaka tsena li ile tsa phatlalatsa litšitiso tse khōlō. M.I.T. e ile ea fokotsa liranta tse 2 010 250 likōpong tsa eona tsa litšenyehelo tsa ho etsa lipatlisiso; Harvard e ile ea fokotsa liranta tse 1 375 000 litšenyehelong tsa eona. Duke e ile ea hlokomela “liphoso tseo eseng tsa ka boomo” ho seo e neng e ntse e se lefisa. Cal Tech e ile ea etsa qeto ea hore e ke ke ea hlola e lefisa ’muso bakeng sa litho tsa oona tsa mekhatlo ea boithabiso. Univesithi ea Pittsburgh e ne e ke ke ea nka chelete ea balefi ba lekhetho bakeng sa ho lefella litekete tsa mokete oa ’mino kapa litekete tsa sefofane tsa mopresidente oa eona le mosali oa hae ho ea Sehleke-hlekeng sa Grand Cayman.
The Boston Herald e itse: “Bolotsana bona bo tebile haholo ho feta litaba tsa lichelete. Litabeng tsa lichelete ho mpile ha etsahala hore e be tsona tseo motho e mong a ileng a kubotolla lejoe hore sechaba se bone hore ho ne ho nyonyoba eng ka tlas’a lona. . . . Litlotlollo tsa tšebeliso ea chelete tsa Stanford le libaka tse ling tsa thupelo tse ka sehloohong hase tsa bohlokoa ka hore na ho ameha chelete e kae empa ke letšoao la bolotsana bo boholoanyane. Ke feela ho halefa ha sechaba le ho fetoloa ha libaka tsa thupelo ho ka fetolang maemo ana.”