Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 9/8 leq. 32
  • Li Sebetsana le Mathata a Letsatsi le Letsatsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Li Sebetsana le Mathata a Letsatsi le Letsatsi
  • Tsoha!—1992
Tsoha!—1992
g92 9/8 leq. 32

Li Sebetsana le Mathata a Letsatsi le Letsatsi

Mosali e mong oa Lisbon, Portugal, nako e itseng e fetileng o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e leng naheng eo a batla makasine oa Tsoha! Se ileng sa mo susumetsa hore a o batle ke hobane o ne a sa tsoa amohela kopi ea makasine oa Molula-Qhooa. O ne a o balile le ho o ananela haholo hoo a ileng a re:

“Ke rata ho le leboha ka tokollo ea Molula-Qhooa e ileng ea tla ka poso ea kajeno. Ke ile ka fumana hore lihlooho tsohle tse leng tokollong ena li molemo haholo. Kaha Tsoha! ke mohloli oa keletso e sebetsang e theiloeng Bibeleng e sebetsanang le mathata a letsatsi le letsatsi, e tla eketsa hamolemo libuka tsa ka tseo ke li balang ka nako ea ho roba monakeli.

“Ke qalile ho ithuta Bibele khoeling e fetileng, empa seo se lekane bakeng sa ho etsa hore ke bone molemo oa libuka tsa lona.

“Ke boetse ke leboha bohle ba nehetseng bophelo ba bona bakeng sa ho thusa batho ba kang ’na ho ithuta ka ’Muso le Lentsoe la Jehova.”

Lipaki tsa Jehova ke mokhatlo oa lefatše lohle oa liithuti tsa Bibele tse sebelisang bophelo ba tsona bakeng sa ho thusa batho ba bang hore ba ithute ka ho eketsehileng ka merero ea Molimo. Haeba u ka thabela ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa thuto ea Bibele, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp 1740, kapa atereseng e loketseng e thathamisitsoeng ho leqephe 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela