Lefatše la Rōna le Sohlokiloeng—Litlhaselo li Ama Libaka tse Ngata
KA JUNE selemong se fetileng, Seboka sa Lefatše mabapi le tikoloho se ne se tšoaretsoe Rio de Janeiro, Brazil. Ka nako e tšoanang, khoeling eona eo, India Today e ile ea phatlalatsa sehlooho sa mohlophisi oa eona ea tlatsetsang Raj Chengappa. Sehlooho seo se ne se re “Lefatše le Ntšitsoeng Kotsi.” Lirapa tsa sona tse qalang li ne li fana ka setšoantšo se hlakileng:
“Ka 1971 ha Edgar Mitchell a fofela khoeling a palame Apollo 14, ha a sheba lefatše ka lekhetlo la pele ho tsoa sebakeng o ile a susumeletseha hore a bonahatse thabo e khōlō. O ile a letsetsa Houston a thabile: ‘Le tšoana le lebenyane le phatsimang le nang le boputsoa le bosoeu . . . Le na le mela e mesoeu e loebehlanang butle . . . Le tšoana le perela e nyenyane leoatleng le letšo la sephiri.’
“Lilemo tse 21 hamorao, haeba Mitchell a ne a ka romeloa sebakeng hape, khetlong lena a na le likhalase tsa mahlo tse khethehileng tse etsang hore a khone ho bona meea e sa bonahaleng ea sebaka sa lefatše, o ne a tla bona se seng se fapaneng ho hang. O ne a tla bona masoba a maholo tšireletsong ea ozone ka holimo ho Antarctica le Amerika Leboea. Ho e-na le ho bona lebenyane le phatsimang le nang le boputsoa le bosoeu o ne a tla bona lefatše le leputsoa, le litšila le tletseng maru a lefifi, a loebehlanang a li-dioxide tsa carbon le sebabole.
“Haeba Mitchell a ne a ka ntša k’hamera ea hae ho nka litšoantšo tsa meru e koahetseng lefatše ’me a bapisa le tseo a li nkileng ka 1971, o ne a tla tšosoa ke kamoo e fokotsehileng ka teng. ’Me ha a ne a ka ntša telescope ea hae e khethehileng ho mo thusa ho hlahlobisisa litšila tse metsing a lefatše, o ne a tla bona marang-rang a chefu a tletsa-tletse lefatšeng le lipolokoe tse ntšo tsa boka li alelitse boholo ba boliba ba leoatle. O ne a tla letsetsa moo a tsoang teng, a re: ‘Houston, ke eng ntho eo re e entseng?’
“Ha e le hantle, ha ho hlokahale hore re ee [lik’hilomithara] tse 36 000 sebakeng ho tseba hore na re entse’ng. Kajeno, re noa, re hema, re fofonela le ho bona tšilafalo. Nakong ea lilemo tse 100, haholo-holo tse 30 tse fetileng, batho ba behile lefatše lintšing tsa tšenyeho. Ka ho butsoella ligase tse ngata tse thibelang mocheso sebakeng re baka liphetoho tsa maemo a leholimo tse senyang. Ligase tseo lihatsetsi tsa rōna le lifehla-moea li li sebelisang hona joale li se li ikarabella bakeng sa ho khoehlisa tšebetso ea lera le sireletsang la ozone, e leng ho re pepesetsang kankereng ea letlalo ’me ho fetola libōpeho tsa li-gene liphoofolong tse nyenyane. Khabareng, re sentse karolo e khōlō ea lefatše, re sentse meru ka tsela e kotsi ho rōna, ’me re lahletse litone tsa chefu linōkeng ka bolokolohi ’me ra tšollela lik’hemik’hale tse chefu maoatleng a rōna.
“Hona joale tšokelo ho batho e bakoa ke ho senngoa ha tikoloho ea lefatše ho feta tšokelo leha e le efe. ’Me ho hlokahala phetoho ea lefatše lohle litsamaisong le mekhoeng ho khaotsa ho tsoela pele ha pheliso e khōlō.”
Ka mor’a ho thathamisa mathata a mangata a amanang le tikoloho ao lichaba li lokelang ho tsepamisa mehopolo ho ’ona ho a phekola, Raj Chengappa o qetella sehlooho sa hae ka mantsoe a reng: “Sena sohle se lokela ho etsoa ntle le tšenyo ea nako. Hobane tšokelo ha e sa le bokamosong ba bana ba hao. E hona joale. ’Me e fihlile.”
Kahoo lingaka tsa lefatše li bokanela mokuli oa tsona. Ho tšoaroa liboka, pheko ea fanoa, empa lingaka ha li lumele. Lia tsekisana. Tse ling li re: ‘Lefatše ha le hlile ha le kule.’ Tse ling lia hooa: ‘Le makhatheng a lefu!’ Lipuisano lia eketseha, lipheko lia eketseha, lingaka li li behella ka thōko bakeng sa nako e tlang, ha mokuli a ntse a ba mobe ho feta. Ha ho letho le etsoang. Ho hlokahala hore li ithute ka ho eketsehileng. Li ngola meriana e lokelang ho sebelisoa empa ha ho mohla e batloang. Khele, boholo ba mabaka ana e mpa e le mokhoa oa ho sitisa e le hore tšilafalo e ka lumelloa ho tsoela pele ’me liphaello li bokellane. Mokuli ha a fumane meriana ea hae, mahlaba a hae aa eketseha, maemo a ntse a mpefala, ’me ho sohlokoa ha lefatše ho ntse ho tsoela pele.
Lefatše le bophelo bo ho lona li rarahane haholo, li lohellane ka thata. Libōpuoa tse limillione tse phelang tse amanang li ile tsa boleloa e le tepo ea bophelo. Ha u ka khaola khoele e le ’ngoe, tepo eohle e tla qala ho qhaqholoha. Ha u liha domino e le ’ngoe, tse ling tsohle li tla oa. Sena se tšoantšetsoa ke ho sakhoa ha moru o lulang o le motala oa sebaka se chesang.
Ka tšebetso ea photosynthesis moru o lulang o le motala oa sebaka se chesang o monya carbon dioxide ho tsoa moeeng ’me o khutlisetse oxygen moeeng. O monya metsi a mangata a pula empa o sebelisa a manyenyane feela bakeng sa ho iketsetsa lijo. Boholo ba ’ona bo boela sebakeng e le mohōli. Teng a etsa maru a macha a pula bakeng sa pula e hlokoang haholo ke moru oo o lulang o le motala le limela tse limillione tse phelang le liphoofolo tseo o li matlafatsang tlas’a moriti oa ’ona.
Joale moru oo oa sakhoa. Carbon dioxide e lula e ntse e le holimo joaloka kobo e thibelang mocheso oa letsatsi. Ke oxygen e nyenyane e ekeletsoang sebakeng molemong oa liphoofolo. Ke pula e fokolang e potolohang hape bakeng sa hore ho ne e ’ngoe. Ho e-na le hoo, pula efe kapa efe e nang e phalla kapele ho tloha naheng ho ea melatsoaneng, ’me e hohola mobu ’ohle o kaholimo o hlokahalang bakeng sa hore limela li hōle. Melatsoana le matamo a tletse seretse, lihlapi lia shoa. Lehlabathe le hoholehela maoatleng ’me le koahela mepopotlo ea libaka tse chesang, ’me ea shoa. Limela tse limillione le liphoofolo tse kileng tsa phela tlas’a moriti oo lia nyamela, lipula tse ngata tse kileng tsa nosetsa lefatše lia fela, ’me mohato o molelele o etsahalang butle oa hore lefatše le fetohe lehoatata oa qala. Hopola, Lehoatata la Sahara le leholo la Afrika le kile la ba letala, empa hona joale karolo ena e khōlō ka ho fetisisa ea lehlabathe e lefatšeng e se e ntse e kenella likarolong tsa Europe.
Sebokeng sa Lefatše, United States le linaha tse ling tse tsoetseng pele li ile tsa sebelisa khatello ho leka ho thiba Brazil le linaha tse ling tse tlaase moruong ho khaotsa ho sakha meru ea tsona. Ho latela karoloana e hlahileng ho New York Times: “United States e tseka hore meru, haholo-holo meru ea libaka tse chesang, e senngoa ka tekanyo e tšosang linaheng tse tlaase moruong le hore e le phello ea hoo, polanete ena eohle e tla ba boemong bo bobe ho feta boo e leng ho bona. E tseka hore, meru ke thepa ea lefatše lohle e thusang ho laola mocheso le mohatsela ka ho monya carbon dioxide e thibelang mocheso ’me ke libaka tsa tšireletso tsa karolo e khōlō ea libōpuoa tsa lefatše tse phelang.”
Linaha tse tlaase moruong ha lia ka tsa senya nako hore li qose United States ka boikaketsi. Ho latela The New York Times, li “nyatsa seo li nahanang hore ke teko ea ho li sitisa ho sebelisa matla a tsona ke linaha tse ileng tsa sakha lifate tsa tsona khale bakeng sa phaello empa hona joale li batla ho beha mojaro o moholo oa ho boloka meru ea lefatše linaheng tse lekang ho tsoela pele moruong.” Moemeli oa Malaysia o ile a re ka ho toba: “Ho hang ha re boloke meru ea rōna bakeng sa ba sentseng ea bona ’me ba leka ho bolela hore meru ea rōna ke karolo ea letlotlo la moloko oa batho.” Leboea-Bophirimela la Pacific, United States e na le karolo ea 10 lekholong feela ea meru ea eona ea khale e setseng, ’me e ntse e e sakhoa le hona joale, empa e batla hore Brazil, e nang le karolo ea 90 lekholong ea meru ea eona ea Amazon, e khaotse ho sakha lifate hohle.
Ba bolellang ba bang, ‘Khaotsang ho senya meru,’ empa bona ba senya ea bona, ba tšoana le ba hlalositsoeng ho Ba-Roma 2:21-23: “Empa uena, ea rutang ba bang, hle uena ha u ithute! Uena ea bolelang, hore ho se ke ha utsuoa, ua utsoa! Uena ea reng, ho se ke ha fejoa, ua feba! Uena ea hloeang litšoantšo tsa melimo, u utsoa tse e leng tsa melimo! Uena ea ithorisang ka molao, u hlompholla Molimo ka ho tlōla molao!” Kapa ha ho se ho buuoa tabeng ea tikoloho, ‘na uena ea bolelang “Bolokang meru ea lōna,” u sakha ea hao?’
Ho amanang le ho senngoa ha meru ke ho futhumatsoa ha lefatše. Matla a metsoako ea k’hemik’hale le mocheso le mohatsela ke ntho e rarahaneng, empa ho amehiloe haholo-holo ka k’hemik’hale e le ’ngoe e sebakeng, carbon dioxide. Ke eona sesosa se seholo sa ho futhumatsa lefatše. Selemo se fetileng babatlisisi ba Byrd Polar Research Center ba ile ba tlaleha hore “lithaba tsohle tsa leqhoa tsa altitude e bohareng le e tlaase li se li ntse li qhibiliha ’me li fokotseha—tse ling tsa tsona e le ka potlako—’me tlaleho ea leqhoa le teng lithabeng tsena tsa leqhoa e bontša hore lilemo tse fetileng tse 50 li bile mofuthunyana ho feta nako ea lilemo tse 50” e kileng ea tlalehoa. Ho ba teng ha carbon dioxide e nyenyane haholo ho ka baka maemo a leholimo a batang haholoanyane; carbon dioxide e ngata haholo e ka baka ho qhibiliha ha lintlha tsa lefatše le lithaba tsa leqhoa le ho tlala metsi ha metse e mabōpong a maoatle.
Mabapi le carbon dioxide makasine oa India Today o itse:
“E ka ’na ea etsa karoloana feela ea ligase tsa sebaka: karolo ea 0,03 lekholong ea kakaretso eohle. Empa ntle le carbon dioxide, polanete ea rōna e ka bata joaloka khoeli. Ka ho thibela mofuthu o nyolohang sebakeng sa lefatše, e laola mocheso le mohatsela oa lefatše ho isa ho likhato tse 15 celsius e leng tse lekaneng bakeng sa bophelo. Empa ha e ka ea eketseha, lefatše le ka fetoha sauna e khōlō.
“Haeba libaka tse bolelang maemo a leholimo tsa lefatše li fana ka boitsebiso bo tšepahalang, khatello ea ho sebetsana le mocheso e hlile e khōlō. Lilemong tsa bo-1980 ho ile ha ba le linako tsa lehlabula tse supileng tse chesang ka ho fetisisa esale maemo a leholimo a qala ho tlalehoa lilemong tse 150 tse fetileng. Molato ho bonahala e le ofe: ho eketseha ka karolo ea 26 lekholong ha carbon dioxide sebakeng e leng tekanyo e ka holimo ho ea nako ea pele ho phetoho e khōlō ea mesebetsi e meholo ea lifeme.”
Ho hopoloa hore sesosa ke carbon dioxide e etsang litone tse likete tse limillione tse 1,8 tse butsoelloang moeeng selemo le selemo ka ho chesa libeso tse entsoeng ka lintho tse neng li phela nako e fetileng. Selekane se neng se tšepiloe sa ho laola haholoanyane ho butsoelloa ha carbon dioxide moeeng se ile sa nkoa ka ho fokolang Sebokeng sa Lefatše sa morao-rao ho bolelang hore se ile sa “futhumatsa” litsebi tsa mocheso le mohatsela tse neng li le teng moo. E mong oa bona o ne a halefile hoo a ileng a re: “Ho hang re sitoa ho tsoela pele eka ha ho na se etsahetseng. Ke ’nete e ke keng ea hanoa hore tlaleho ea banka ea ligase tsa lefatše e feletsoe ke teka-tekano ea eona. Ho hlokahala hore ho etsoe ho hong ho seng joalo haufinyane re tla ba le baphaphathehi ba limillione ba tikoloho.” O ne a bua ka ba tla baleha mahaeng a habo bona a tletseng metsi.
Taba e ’ngoe ea bohlokoa e ama ho bitsoang masoba a ntseng a hlaha lereng la ozone le sireletsang lefatše mahlaseling a bakang kankere a ultraviolet. Molato o moholo o jarisoa gase ea CFC (li-chlorofluorocarbon). E sebelisoa lihatsetsing, lifehla-moeeng, le linthong tse hloekisang esita le linthong tse butsoelang tse sebelisoang ha ho etsoa libululoana tsa polastiki. Linaheng tse ngata e ntse e butsoelloa moeeng ke litebela-lephoka. Ha e fihla karolong ea sebaka ea stratosphere, mahlaseli a ultraviolet a e thuha, ’me ho hlaha chlorine e sa tsoakoang le letho, eo athomo e ’ngoe le e ’ngoe ea eona e ka senyang bonyane limolek’hule tsa ozone tse 100 000. Masoba, libaka tse nang le tekanyo e tlaase bo tšosang ea ozone, a sala lereng la ozone, Antarctica le li-latitude tsa Leboea, ho bolelang hore mahlaseli a eketsehileng a ultraviolet a fihla lefatšeng.
Mahlaseli ana a bolaea phytoplankton le krill, e leng karolo ea pele ea phepelo ea lijo maoatleng. Liphetoho li ba teng limolek’huleng tsa DNA tse nang le litaelo tsa bohlokoa tsa li-gene tsa bophelo. Limela lia ameha. Mahlaseli ao a baka bofofu le kankere ea letlalo ho batho. Ha babatlisisi ba NASA ba fumana chlorine monoxide ka bongata holim’a libaka tse ka leboea tsa United States, Canada, Europe, le Russia, e mong oa babatlisisi bao o ile a re: “Motho e mong le e mong o lokela ho lemosoa ka sena. Ho hobe ho feta kamoo re neng re nahanne ka teng.” Lester Brown, mopresidente oa Mokhatlo oa Worldwatch, o ile a tlaleha: “Bo-rasaense ba hakanya hore ho senyeha ho ntseng ho tsoela pele ka potlako ha lera la ozone karolong e ka leboea ea lefatše ho tla baka mafu a 200 000 a eketsehileng US feela ka ho baka kankere ea letlalo nakong ea lilemo tse tlang tse 50. Lefatše lohle, bophelo ba ba limillione bo kotsing.”
Ho bolokoa ha limela le liphoofolo tse ngata kamoo ho ka khonehang li phela tlas’a maemo ao li a tloaetseng, ke taba e ’ngoe eo ho amehiloeng ka eona. Makasine oa Discover o ile oa phatlalatsa karoloana e neng e qotsitsoe bukeng ea setsebi sa bophelo Edward O. Wilson ea morao-rao The Diversity of Life, eo ho eona a ileng a thathamisa ho timetsoa ha mefuta e likete ea linonyana, litlhapi, le likokoanyana, haesita le mefuta eo ka tloaelo e nkoang e se ea bohlokoa: “Boholo ba mefuta e timetseng ke khoaeane, mefuta e ka tsoelang e meng molemo e nolofatsang ho monngoa ha limatlafatsi ke litsamaiso tsa metso ea limela. Litsebi tsa ho amana ha libōpuoa le tikoloho li ’nile tsa ipotsa ka nako e telele hore na ho ne ho tla etsahala joang tikolohong, limeleng le liphoofolong tsa lefatše haeba khoaeane ena e ne e ka tlosoa, ’me re tla tloha re tseba.”
Hona bukeng eo Wilson o ile a boela a botsa ’me a araba potso ena ea bohlokoa ba ho boloka mefuta ea lintho tse phelang:
“Ho etsa phapang efe haeba mefuta e itseng ea lintho tse phelang e timetsoa, haeba esita le halofo ea tsona Lefatšeng e timetsoa? E re ke thathamise se ka etsahalang. Mehloli e mecha ea boitsebiso ba saense e tla lahleha. Leruo le leholo la matla a bophelo le tla senyeha. Hape meriana e-song ho be teng, limela, thepa ea ho tsoaka meriana, lifate, litšoele, litholoana, lijalo tse nchafatsang mobu, lintho tse ka sebelisoang sebakeng sa petroleum, le lintho tse ling haesita le lintho tsa boiketlo li ke ke tsa hlola li e-ba teng. Ke tloaelo ho batho ba bang ho behella ka thōko lintho tse nyenyane tse sa bonahaleng, likokoanyana le lehōla, ba lebala hore ’moto o sa bonahaleng ho tsoa Latin America o ile oa sireletsa masimo a Australia hore a se ke a tlala semela sa cactus, ’me periwinkle e lipalesa e ile ea fana ka pheko ea lefu la Hodgkin le leukemia ea bana ea ho haella ha lithibela-mafu maling, le hore khoebō ea yew ea Pacific e fana ka tšepo ho bahlaseluoa ba kankere ea pōpelo le ea letsoele, hore k’hemik’hale ea mathe a likoili e felisa maloapi a maling nakong ea ho buuoa, lethathamo lena le tsoela pele ’me le se le le lelelele ebile le tumme ho sa tsotellehe lipatlisiso tse fokolang tse entsoeng.
“Ka baka la bolebali ba ho touta ho boetse ho bonolo ho hlokomoloha litšebeletso tseo tikoloho le limela li li fang batho. Li nontša mobu le ho fana ka moea oo re o hemang. Ntle ho litšebeletso tsena ho ba teng ha moloko oa batho lefatšeng ho ne ho tla ba bosula ho be hokhutšoanyane.”
Joalokaha ho boleloa—taba e-ea tapa ke ho sebelisoa haholo ka lebaka la hobane e tšoaneleha haholo—boitsebiso bo fanoeng pejana e mpa e le linyane likhōlō li sa tla. Ho sohlokoa ha lefatše ho tla khaotsoa neng? ’Me ke mang ea tla ho khaotsa? Sehlooho se latelang se tla fana ka likarabo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
Lehoatata la Sahara la Afrika le leholo le kile la e-ba letala
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
‘Na uena, ea bolelang, “Bolokang meru ea lōna,” u sakha ea hao?’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
Carbon dioxide e nyenyane—maemo a leholimo a batang haholoanyane
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
E ngata haholo—ho qhibiliha ha lithaba tsa leqhoa
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
“Ho etsa phapang efe haeba mefuta e itseng ea lintho tse phelang e timetsoa?”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
Ha liphoofolo kapa limela tse nyenyane haholo ho ka bonoa ka leihlo feela li ka ba sieo, ho ba teng ha moloko oa batho ho ka ba hokhutšoanyane ha e-ba bosula
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Moru o lulang o le motala oa Amazon, ka botle ba ’ona ba pele
Meru e lulang e le metala e eketsehileng, ka mor’a ho sohlokoa ke motho
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Abril Imagens/João Ramid
F4/R. Azoury/Sipa
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Thotobolo ea lik’hemik’hale e chefu e silafatsang moea, metsi, le mobu
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Feig/Sipa