Pono Ea Bibele
Ho Nkela Mosali e Mong Sebaka sa Bomme Na ho Loketse Bakreste?
SEROKI sa Roma ea boholo-holo Horace se ne se sa tsebe letho ka ho nkela mosali e mong sebaka sa bomme ha se ngola: “Ha ho tsotellehe hore na motho o tsoetsoe ke batsoali bafe hafeela e le ea khabane.” Polelo ea mongoli oa Lefora oa lekholo la bo17 la lilemo e reng, “Tsoalo hase letho moo bokhabane bo leng sieo,” le eona e ngotsoe nako e telele pele khopolo ea tsoalo e nkeloang sebaka e e-ba qaka molaong. Empa, joalokaha Mary Thom a ile a tlaleha makasineng oa Ms., ka theknoloji e ncha ea ho ikatisa, “mesebetsi ea mohlahisi oa lehe, mochine oa incubator oa lehe le emolisitsoeng le fetohang lesea, le mohlokomeli oa ngoana hang ha a se a hlahile” e ka ’na ea aroloa lipakeng tsa “bo-’mè” ba babeli kapa ba bararo. Taba ea “bokhabane” le “bohlokoa” e ba e ke keng ea hlalosoa le e rarahaneng.
Mokhoa ona oa ho sebelisa basali ba nkelang ba bang sebaka sa bomme o ile oa ata ka tšohanyetso lefatšeng bohareng ba bo-1970, o hlahisa mathata a boahisani, a boitšoaro, le a molao ao ho neng ho e-s’o talimanoe le a joalo pele. Banyalani ba bang ba sa beng le bana ba ile ba laba-labela ho nka monyetla ka mokhoa ona o sa tloaelehang oa ho ikatisa. Ka lehlakoreng le leng, lingaka, babuelli ba molao, baetsi ba melao ba ’nile ba loanela hore ba se ke ba salla morao theknolojing e hōlang ea matla a ho ba le bana ka boiteko ba ho fana ka tataiso e sebetsanang le lipotso tse phahamisoang mabapi le litekanyetso tsa boitšoaro.
Ho Nkela Mosali e Mong Sebaka sa Bomme Ke’ng?
Ho nkela mosali e mong sebaka sa bomme, kapa tumellano, ke ha mosali e mong a belehela e mong ngoana ea ileng a kenngoa ka ho eena ka hore ho kenngoe lehe kapa peō ea botona hore e hōle e be ngoana ka mokhoa oo eseng oa tlhaho. Ho bitsoang ka hore ke ho nkela mosali e mong sebaka sa bomme ho tloaelehileng ho etsahala ha mosali ea nketseng e mong sebaka sa bomme a emarisoa ka ho kenngoa peō ea monna ka sethong sa hae sa botšehali ka mokhoa oo eseng oa tlhaho e tsoang banyalaning bao a entseng tumellano le bona. Ka hona mosali enoa ea nkelang e mong sebaka sa bomme e ba eena ’m’a lesea ka tlhaho. Ho nkela mosali e mong sebaka sa bomme ka ho ba moimana ho bolela ha lehe la mosali le peō ea monna li kopanngoa ka ntle ho pōpelo ka mokhoa o tsebahalang e le kemolo ea in-vitro (test-tube), ’me lehe le emolisitsoeng le kenngoa ka pōpelong ena ea mosali enoa ea nkelang e mong sebaka sa bomme hore le hōlele ka ho eena.
Ke hobane’ng ha bo-mè ba mofuta oo ba eketseha? Taba ea pele, theknoloji e phahameng ea saense e sibolotse litsela tse ngata tsa ho thusa basali ho ba le bana. Banyalani ba ka ’na ba e-ba le takatso e matla ea ho ba le ngoana, empa ka lebaka la ho hloka thari, maemo a sitisang kapa palo e fokolang haholo ea bana ba phetseng hantle bao motho a ka inkelang bona hore e be ba hae, ba sitoa ho ba le eena. Kahoo ba hira ’mele oa motho e mong hore ba be le ngoana. Kaha ho ameha lichelete tse ngata haholo, ho nkela mosali e mong sebaka sa bomme ho ile ha hlalosoa ka lipolelo tse sa rateheng, joaloka “ho ba mohlanka kapa lekhoba motho a sa rate” le “pelehi, morafo oa mafutsana.”
United States, Lekhotla le ka Holimo-limo la New Jersey, le ile la hlokomela monyetla oo barui ba o nkang ho tlatlapa mafutsana ’me nyeoeng e ’ngoe ea ho nkela e mong sebaka sa bomme le itse: “Ka bokhutšoaane, ho na le lintho tsa bohlokoa tseo batho ba li nkang e le tsa bohlokoa ho feta ho amahanya leruo le sohle seo le ka se rekang ebang ke pelehi, lerato, kapa bophelo.” Lekhotla le ka Holimo-limo la Fora le ile la bolela hore ho nkela mosali e mong sebaka sa bomme ke ho hlekefetsa ’mele oa mosali le hore “’mele oa motho ha oa lokela ho alimanoa, ha oa lokela ho hirisoa, ha oa lokela ho rekisoa.”
Mathata ka ho Nkela Mosali e Mong Sebaka sa Bomme
Ho nkela e mong sebaka sa bomme ho tlisa mathata a mangata. Bo bong ke lintoa tsa molao tse sa thabiseng haeba mosali ea belehileng ngoana a se a batla ho ipolokela eena. Ke ngoana oa mang, ke oa mosali ea ’melehileng kapa oa ea ileng a fana ka lehe? Ka hona ho hlaha ha ngoana, e leng nako eo ka mehla e leng nako ea nyakallo, ka linako tse ling ho lebisa lintoeng tsa ho mathisana makhotleng. Bothata bo bong: Basali ba bang ba lumelang ho nkela ba bang sebaka sa bomme ba iphumana maikutlo a bona a ntse a fetoha ha ngoana eo ba lumellaneng ka eena a ntse a hōla ka ho bona ’me a bile a qetella a tsoetsoe. Tumellano e entsoeng likhoeli tse ’maloa tse fetileng ho ba thata haholoanyane hore e amohelehe. Tlamahano ea kamano e matla e ile ea e-ba teng lipakeng tsa ’mè le lesea le ka ho eena. ’Mè e mong oa mofuta ona, a ne a sa lebella tlamahano ena, o hlalosa maikutlo a hae mabapi le ho nehelana ka ngoana: “Ho ne ho le joalokaha eka ho shoele motho. ’Mele oa ka o ne o llela morali oa ka.”
Ho feta mona, ke liphello life tsa nako e telele tseo tsoalo e joalo e ka bang le tsona ho bana ba bang ba mosali ea joalo, lelapa le amohelang ngoana eo, le ngoana eo ka boeena? Kapa ho tla etsahala joang haeba lesea le tsoaloang ke mosali enoa ea ileng a lumela ho nkela e mong sebaka sa bomme le tsoaloa le e-na le sekoli sa tsoalo? Na ntat’a lona o qobelloa ho le nka? Haeba ha ho joalo, ke mang ea lefang litšenyehelo tsa khōliso ea ngoana ea joalo? ’Me potso ea bohlokoa ka ho fetisisa, Pono ea Molimo ke efe ka ho nkela mosali e mong sebaka sa bomme?
Na ho Nkela Mosali e Mong Sebaka sa Bomme ho Hlompha Lenyalo?
Lentsoe la Molimo le re bolella hore o talima lenyalo e le ntho e halalelang. Ka mohlala, Ba-Heberu 13:4 (NW) e re: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a batho bohle, ’me bethe ea lenyalo e hloke litšila, hobane Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.”a Molimo o lebeletse hore Bakreste bohle ba nke lenyalo le hlompheha ’me ba le boloke le le joalo. Ke’ng se silafatsang lenyalo? Bohlola, bo ka hlomphollang lenyalo pele motho a kena ho lona, le bofebe, bo hlomphollang lenyalo ka mor’a hore motho a kene ho lona.
a Buka ea litšupiso New Testament Word Studies e bontša hore “bethe ea lenyalo” ho Ba-Heberu 13:4 ha e bolele feela boemo empa hape le hore lenyalo le se silafatsoe.
Na ho nkela mosali e mong sebaka sa bomme ke ho hlompha lenyalo le ho boloka bethe ea lenyalo e sa silafatsoa? Ka bonolo feela, che. Ho nkela e mong sebaka sa bomme ho tloaelehileng ho hloka hore mosali a kenngoe peō ka sethong sa hae sa botšehali e tsoa ho monna e mong. Pono ea Bibele tabeng ena e ka ’na ea fumanoa ho Levitike 18:20 (NW) e reng: “U se ke ua ntšetsa peō ea hao ea botona ho mosali oa oa heno ’me ua itšilafatsa ka hona.” Ha ho na motheo oa Bibele oa ho etsa phapang lipakeng tsa ho kenngoa peō ea botona ka likamano tsa botona le botšehali kapa ka mokhoa oo eseng oa tlhaho ka hore e kenngoe ka sethong sa botšehali. Ka hona, mabakeng ana ka bobeli, bohlola kapa bofebe li entsoe ha peō ea botona e fanoa e tsoa ho monna e mong eo eseng oa mosali eo ka molao.
Ho thoe’ng ka ho nkela e mong sebaka sa boimana? Hona le hona ho silafatsa bethe ea lenyalo. Ke ’nete, hore lehe le emolisitsoeng e tla be e le la kopano ea monna le mosali oa hae, empa ka mor’a moo la kenngoa ka pōpelong ea mosali e mong, ’me ha e le hantle lea mo emarisa. Boimana bona hase tholoana ea likamano tsa botona le botšehali tsa mosali enoa ea nketseng e mong sebaka sa bomme le monna oa hae. Ka hona, litho tsa hae tsa ho ikatisa joale li sebelisoa ke motho e mong ho e-na le molekane oa hae oa lenyalo. Sena se hanana le melao-motheo ea Bibele ea boitšoaro ea hore mosali a tsoalle monna oa hae ngoana. (Bapisa le Deuteronoma 23:2.) E ne e ke ke ea e-ba ho nepahetseng hore monna e mong ka ntle ho monna oa mosali ea nkelang e mong sebaka sa bomme a sebelise litho tsa hae tsa ho ikatisa. Ke tšebeliso e fosahetseng ea bethe ea lenyalo. Ka hona, ho nkela mosali e mong sebaka sa bomme ha hoa lokela Bakreste.
Pastel by Mary Cassatt, The Metropolitan Museum of Art, Gift of Mrs. Ralph J. Hines, 1960. (60.181)