“E Bonahala Joaloka Buka eo Nka Ratang ho Ipalla Eona”
Jessica, eo e leng seithuti se lilemo li 16 sa sekolo se phahameng sa Motse oa New York, o ile a ngolla Tsoha!: “Ke na le tichere ea histori eo ho seng motho ea e ratang. O ile a abela klase mesebetsi ea lihlopha mabapi le ‘Malumeli a Maholo.’ Sehlopha sa ka se ile sa fuoa Islam. Ke ne ke sa khathatseha hobane ke ne ke tseba hore ke tla hlomelloa hamolemo ke buka Moloko oa Batho o Batla Molimo. Ke ile ka lokisetsa tlaleho eo hamolemohali kamoo ke neng nka khona.
“Letsatsi leo sehlopha sa rōna se neng se lokela ho fana ka tlaleho ea sona le ile la fihla. Tichere eo e ne e ntse e kena liithuti hanong ’me e li hooa, kahoo ke ne ke batla ke ferekane. Ha nako ea ka e fihla, ke ile ka bolella klase ka litšobotsi tse ikhethang tsa Islam. Ke ile ka fetisa buka ea Ho Batla ’me ka bolella liithuti hore li shebe litšoantšo tse maqepheng a 286 le 289. Ha tichere eo e phetla buka eo, e ile ea nkena hanong ’me ea re, ‘Ntšoarele, ke buka ea hao ee? Na nka e boloka?’ Ke ile ka arabela, ‘Nka u batlela kopi ea hao haeba u rata.’ Sefahleho sa hae se ile sa bontša thabo, ’me a re: ‘E ka ba hantle. Buka ena e bonahala e le buka eo nka ratang ho ipalla eona.’ Pelo ea ka e ne e otla haholo ke pherekano le ho makala, hoo ke ileng ka qetella karolo e setseng ea tlaleho ea ka ka lesisitheho le ka ho hloka botsitso.
“O ile a mpha le leng la matšoao a phahameng ka klaseng (95) tlalehong eo. Ke leboha Jehova Molimo le lōna baena ka ho re fa kofuto e molemo hakana e leng Moloko oa Batho o Batla Molimo.”
Haeba u ka rata ho ba le boitsebiso bo eketsehileng tabeng leha e le efe e boletsoeng makasineng ona kapa u rata ho fumana thuto ea lehae ea Bibele ea mahala, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp 1740, kapa atereseng e loketseng e haufi le uena ho tse thathamisitsoeng ho leqephe 5.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
MOLOKO OA BATHO O BATLA MOLIMO