Ho se Tsebe ho Bala le ho Ngola—Bothata ba Lefatše ka Bophara
Ka Mongolli oa Tsoha! Nigeria
ALMAZ o phela Ethiopia. Ha morali oa hae a kula, ngaka e ile ea mo fa botlolo ea moriana. Empa Almaz o ne a sa khone ho bala tekanyo eo moriana o nooang ka eona—hore na o ne a lokela ho mo noesa o mokae, hona neng? Ka lehlohonolo, moahelani oa hae o ne a ka khona ho bala litaelo tsa ho nooa ha moriana oo. Ngoana o ile a fuoa moriana hantle, ’me a hlaphoheloa.
Ramu ke sehoai India. Ha nako ea hore morali oa hae a nyaloe e fihla, o ile a etsa qeto ea ho fana ka tšimo ea hae e le tšireletso bakeng sa ho alima chelete ho motho oa sebakeng seo ea alimanang ka chelete. Kaha o ne a sa tsebe ho bala le ho ngola, o ile a sebelisa monoana oa hae o motōna ho saena tokomane eo a neng a sa e utloisise. Likhoeli tse itseng hamorao Ramu o ile a fumana hore tokomane eo e ne e le tumellano ea thekiso—tšimo ea hae joale e ne e se e le ea motho e mong osele.
Michael o ne a sebetsa polasing e khōlō United States. Mookameli oa hae o ile a ’molella hore a fe likhomo lijo tsa tlatsetso. Michael o ile a fumana mekotla e ’meli fatše e ngotsoeng ka tlung ea polokelo ea thepa, empa o ne a sa tsebe ho bala se ngotsoeng ho eona. O ile a khetha o fosahetseng. Matsatsi a ’maloa hamorao, likhomo li ne li shoele. Michael o ne a li fepile chefo. O ile a lelekoa hang-hang.
Ho se tsebe ho bala le ho ngola ho ile ha etsa hore Michael a lahleheloe ke mosebetsi oa hae. Ho ile ha etsa hore mohiri oa hae a lahleheloe ke mohlape oa likhomo tsa nama tse atlehileng. Ha etsa hore Ramu a lahleheloe ke tšimo ea hae. Ho ka be ho entse hore Almaz a lahleheloe ke lesea la hae.
Ho latela UNESCO (United Nations Educational, Scientific, and Cultural Organization), batho ba fetang kotara ea baahi ba lefatše bathong ba baholo—banna le basali ba ka holimo ho limilione tse 960—ha ba tsebe ho bala le ho ngola.a Linaheng tse hōlang moruong, motho e moholo a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo ha a tsebe ho bala le ho ngola. Joaloka Almaz, Ramu, le Michael, batho bana ba limilione ba sitoa ho utloisisa se boleloang ke matšoao a ngotsoeng seterateng, se ngotsoeng koranteng, kapa se ngotsoeng ka Bibeleng. Ho se tsebe ho bala le ho ngola ho ba sitisa hore ba bale boitsebiso bo bongata bo fumanehang limakasineng le libukeng. Ba sitoa ho ngola lengolo kapa ho tlatsa foromo e pala feela. Ba bangata ba ke ke ba saena lebitso la bona feela. Ba sitoa ho emellana le tlhōlisano ea ho fumana mosebetsi moo ho hlokahalang thuto ea motheo ea ho bala le ho ngola, ba bangata ba lula ba sa sebetse, litalenta tsa bona li sa sebelisoe, matla a bona a sa ntšetsoe pele.
Lipalo tsena ha li kopanyeletse batho ba baholo ba bangata ba khutlileng ka tinare sekolong—ba khonang ho bala le ho ngola ka tekanyo e tlaase empa eseng ka ho lekaneng hore ba ka hlokomela mesebetsi e rarahaneng ea ho bala le ho ngola bophelong ba letsatsi le letsatsi. United States feela, palo ea batho ba baholo ba khutlileng ka tinare sekolong ke limilione tse 27.
Empa ho thoe’ng ka bana? Le hoja lipalo li sa fella, kaha liphuputso ha lia etsoa linaheng tsohle, Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana o hakanyetsa hore bana ba limilione tse 100 ba lilemong tsa ho kena sekolo lefatšeng ka bophara ha ba sa tla hlola ba kena tlelaseng. Ba bang ba limilione tse 100 ba ke ke ba qetella leha e se e le thuto ea motheo. Ha e le hantle, Lefapha la Phatlalatso la Machaba a Kopaneng le bolela hore libakeng tsa mahaeng tsa linaha tse hōlang moruong, ke feela halofo ea bana e fumanang thuto ea mathomo ka lilemo tse fetang tse ’nè. ’Me linaheng tse ling tse ruileng, bana ba bangata ba qeta nako e ngata haholo ba shebeletse thelevishene ho feta eo ba e qetang sekolong.
Ka kakaretso bana ba sa tsebeng ho bala le ho ngola ba qetella e le batho ba baholo ba sa tsebeng ho bala le ho ngola. Ke eng e tlatsetsang bothateng boo ba lefatše ka bophara? Ke eng e ka etsoang ho thusa motho e moholo ea sitoang ho bala kapa ho ngola? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Motho ea sa tsebeng ho bala le ho ngola, joalokaha a hlalositsoe ke UNESCO, ke motho ea lilemo li 15 kapa ho feta ea sitoang ho bala kapa ho ngola ka kutloisiso polelo e khutšoaane, e bonolo ka bophelo ba hae.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Batho ba fetang kotara ea baahi ba lefatše bathong ba baholo ba sitoa ho bala le ho ngola