‘Tichere ea ka e Ile ea Kōpa libuka tse 20 tse Eketsehileng’
DANIEL ea lilemo li 17 o ile a fuoa kabelo sekolong sa hae se phahameng Boston, Massachusetts, U.S.A., ho lokisetsa boitsebiso ka bolumeli ba Asia. O re: ‘Tichere e ile ea re khothaletsa ho ea laebraring bakeng sa phuputso. Ke ne ke tseba hore buka Moloko oa Batho o Batla Molimo, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower, e ne e tla ba thuso e khōlō. Ke ile ka ea ka eona sekolong ’me ka e bontša tichere. E ile ea hlolloa ke bonnete ba eona, ho nepahala, le mokhoa oa eona oa lipotso le likarabo hoo e ileng ea odora likopi tse 20 bakeng sa tlelase eohle. Hona joale libuka tseo ke thepa ea sekolo ’me li sebelisoa tlelaseng e ’ngoe le e ’ngoe e latelang. Monehelo oa $50 [R170] o ile oa fanoa ho thusa mosebetsing oa rōna oa ho ruta oa lefatše ka bophara.”
Moloko oa Batho o Batla Molimo ke buka e maqephe a 384 e bolelang ka ho batla Molimo ha moloko oa batho ka malumeli a maholo a lefatše. E fetoletsoe ka lipuo tse 34, ’me ho abiloe likopi tse fetang limilione tse 15. Haeba u ka rata ho bala khatiso ena e hlollang, ka kōpo iteanye le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e haufi le uena kapa u ngolle atereseng e haufi-ufi le uena ho tse leqepheng la 5.