O Ile Hlolloa ke Khatiso ea Tsoha!
’MALI OA TSOHA! OA MINNESOTA U.S.A., o sebeletsa koleche eo ho eona ho neng ho entsoe tlhophiso ea hore setsebi sa lintho tse phelang metsing Sam LaBudde se il’o fana ka puo e nang le sehlooho “Li-dolphin li Ile Kae?” Ha a hopola hore se ne se qotsitsoe sehloohong sa Awake! “Na ho Tšoasa Litlhapi ka Matlooa a Huloang ka Likepe Hoa Fela?” (May 22, 1992), o ile a ea a tšoere makasine oo thupelong.
“Makasineng oo ke ile ka ngolla Mong. LaBudde molaetsa. Ke ile ka re kea kholoa o tla thabela ho tseba hore sehlooho seo se monate se tla ajoa lefatšeng ka bophara ka lipuo tse ngata hape le hore khatiso ea makasine oo e ne e e-ba likopi tse 13 000 000. Eaba ke saena lebitso la ka ’me ka beha Awake! eo ke e butse sefaleng ’me ka boela setulong sa ka.
“Ka mor’a nakoana ke ile ka bona monna e mong a leba sefaleng, a nka makasine oo, ’me a qala a o bala. Ka mor’a metsotso e seng mekae, o ile a phahamisa hlooho ’me a botsa a phahamisitse lentsoe hore na motho ea behileng makasine oo moo o teng. Ha ke phahamisa letsoho la ka ’me ke re, ‘Ke ’na,’ o ile a theoha ’me a lula pel’a ka. O ile a nteboha ka makasine oo ’me a re o ananela ha motho e mong a mo fa boitsebiso bo lebisang tlhokomelo tšebetsong ea hae kapa se finyeletsoeng ke eona. Leha ho le joalo, o ne a nahana hore ke entse phoso ka ho re khatiso ke likopi tse 13 000 000. O ne a nahana hore e tlameha ebe ke bolela 13 000. Ke ile ka phetla qalong ea makasine ’me ka mo bontša hore ke 13 000 000. O ne a hlolletsoe. O ne a boetse a hlolletsoe ke palo ea lipuo tseo makasine oo o ha-tisoang ka tsona [tseo joale e leng lipuo tse 74]. O ne a nahana hore makasine oo o ajoa United States feela, empa ke ile ka hlalosa kamoo ho etsoang lefatšeng ka bophara.”
Haeba u ka rata hore kopi ea Tsoha! e romelloe lehaeng la hao, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng ho leqephe 5.