Mosamaria ea Molemo oa Mehleng Ena
MOSALI e mong Canada o ile a hlaheloa ke kotsi ea koloi. Mosamaria ea Molemo oa mehleng ena a mo thusa. (Luka 10:29-37) A susumelitsoe ke mosa oa monna eo, o ile a ngolla The Georgetown Independent se latelang:
‘Mohlophisi ea Ratehang:
‘Ho na le mabaka a mabeli a etsang hore ke ngole. La pele, ke rata ho leboha moahi oa Georgetown ea ileng a nthusa mafelo-bekeng ana a fetileng ka mor’a hore ke lahleheloe ke taolo ea koloi ea ka le ho soahlamana ka har’a foro e tebileng.
‘Monghali John Saunders o ne a feta a khanna ’me a emisa. O ile a qalella ho mpha thuso ea pele ’me o ne a nkhothatsa haholo. O ile a lula le ’na ho fihlela ha bakhanni ba ambulense le sepolesa ba fihla. Sechaba sa lōna se hlohonolofalitsoe ka ho ba le Mosamaria ea Molemo joaloka Monghali Saunders ea phelang sechabeng sa lōna.
‘Monghali Saunders o ile a etela ’na le monna oa ka sepetlele, e le feela ho tiisa hore ke ntse ke tsoella hantle. Ke ile ka makatsoa haholo ke ho tseba hore Monghali Saunders o sebetsa ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova Georgetown. Ka mehla ke ne ke nahana hore batho bao ha ba tšepe tšebeliso ea meriana, ’me ke mona e mong oa bona o ile a sebelisa koetliso ea meriana ea thuso ea pele molemong oa ka. Sena se ntlisa lebakeng la bobeli la ho ngola ha ka.
‘Ke rata ho kōpa tšoarelo ho Lipaki tsohle tsa Jehova bakeng sa khalefo eo ke ’nileng ka ba bontša eona ha ba tlile ntlong ea ka. Ka mehla ke ’nile ka lumela hore le batho ba bontšang cheseho e feteletseng. Monghali Saunders o pakile khopolo ena e kotsi e fosahetse. Le ntse le le batho ba tloaelehileng le mpa feela le leka ho etsa seo le ikutloang hore se nepahetse.
‘Ke boela ke u leboha hape, Monghali Saunders, tšoara joalo tumelong ea hao. Molimo a u hlohonolofatse.
‘T. M., Toronto’
Lipaki tsa Jehova li lumela hore ‘u tlamehile ho rata moahisani oa hao joalokaha u ithata.’ (Luka 10:27) Haeba u lakatsa ho ithuta ho eketsehileng ka Lipaki tsa Jehova kapa u rata ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.