Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 7/8 leq. 32
  • “Ke Thahasella ho Ithuta ho Eketsehileng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Thahasella ho Ithuta ho Eketsehileng”
  • Tsoha!—1994
Tsoha!—1994
g94 7/8 leq. 32

“Ke Thahasella ho Ithuta ho Eketsehileng”

MONNA e mong oa Colorado, U.S.A., o ile a ngola se ka holimo ka December selemong se fetileng lengolong leo a neng a le ngoletse baphatlalatsi ba makasine ona. O ile a hlalosa:

“Le hoja nkeke ka talingoa ke le motho ea thahasellang bolumeli ho ea ka litekanyetso tsa batho ba bangata, esale ke lumela hore e tlameha ebe ho na le ho eketsehileng bophelong ho feta seo re se bonang le ho se utloa bophelong ba letsatsi le letsatsi. Esale ke na le tlamo ea moea, le hoja e se bolumeling bo itseng bo khethehileng.

“Leha ho le joalo, morao tjena ke ile ka iphumana ke le maemong a batlang a sithabetsa ’me ka iphumana ke haella matla a ka hare a ho sebetsana le ’ona. Mathata lapeng le mosebetsing a ekelitse tekanyo ea matšoenyeho a ka ho isa bohōleng boo ke e-s’o ka ke bo utloa. . . .

“Ka ho makatsang, ha ke le tlhōrōng ea matšoenyeho a ka, ke ile ka oelana le e ’ngoe ea lingoliloeng tsa lōna setsing sa mabenkele. Likhopolo tsa lōna mabapi le Ntate ea Halalelang lia tsosolosa, ’me ke thahasella ho ithuta ho eketsehileng, empa ha kea kholiseha hore ke retelehele kae.

“Nka ananela haholo tataiso leha e le efe eo le ka mphang eona ho ithuta ho eketsehileng ka Lipaki tsa Jehova le litumelo tsa lōna. Joalokaha ke boletse, ke fumane ho makatsa hore ke oelane le e ’ngoe ea lingoliloeng tsa lōna ha ke le tlhōrōng ea matšoenyeho a ka—e ka ’na eaba ke pontšo ea tataiso ea bomolimo.”

Monna enoa o ile a romeloa buka e hlalosang litumelo tse thehiloeng Bibeleng tsa Lipaki tsa Jehova, e nang le sehlooho U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Haeba u ka rata ho fumana kopi ea buka ena e maqephe a 256 e sekoahelo se thata kapa u lakatsa ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela