Letsatsi Leo U sa Lokelang ho le Lebala
Mantsiboea pele a shoa, Jesu o ile a abelana le baapostola ba hae bohobe bo sa lomosoang le veine, ’me a re: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.”—Luka 22:19.
Selemong sena mokete oa sehopotso o tla ba ka Labohlano la 14 April ka mor’a ho likela ha letsatsi. Ka lebaka la taelo ea Jesu, Lipaki tsa Jehova tse limilione le batho ba thahasellang ho potoloha lefatše ba tla bokana bosiung bona bo khethehileng ho pheta Sehopotso sena ka mokhoa oo Jesu a o laetseng. U mengoa ka mofuthu ho kopanela le rōna. Ka kōpo botsa Lipaki tsa Jehova tse lulang sebakeng sa heno nako e loketseng le sebaka sa seboka.