Moo Chelete e Leketlang Lifateng
NKA hore chelete e ne e mela lifateng ’me u e-na le sefate se joalo. Joale u nahane sefate seo sa hao se ne se lenngoe pel’a tsela eo ho fetang baahisani ba hao ba bangata letsatsi le letsatsi. U nahana hore chelete eo e ne e tla ba sefateng sa hao ka nako e kae?
Haeba baahisani ba hao bohle e ne e le Lipaki tsa Jehova, sefate sa hao sa chelete se ne se tla sireletseha. Ke hobane’ng ha re rialo? Hobane Lipaki tsa Jehova li latela temoso ea Bibele ea ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle. (Ba-Heberu 13:18) Ketsahalo ea moraonyana tjena e hlakisa sena.
Nigeria, Afrika Bophirimela, chelete e etsang linaira tse hlano e ile ea tholoa ’mileng o bohōle ba limithara tse lekholo ho tloha mehahong e haufi ea ofisi ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower. Ea e thotseng o ile a e tlamella lehlakung la palema e behang likokonate, a nahana hore motho ea lahlehetsoeng ke chelete eo a ka ’na a khutla a ntse a e batla.
Le hoja chelete e ne e ka bonoa ka ho hlakileng ke Lipaki tsa Jehova tse ngata tse fetang moo letsatsi le letsatsi, ha ho ea ileng a re ke ea hae. Ka mor’a matsatsi a mangata e ile ea tlosoa ’me ea kenngoa lebokosong la monehelo la Mokhatlo.