“Nke ke ka Hlola ke Lahla Likopi Leha e le Life ho Fihlela ke li Balile”
Monna e mong o ile a ngolla bahatisi ba Tsoha! a hlalosa: “Haufinyane tjena ke ile ka fumana kopi ea Tsoha! ea April 8, 1994 monyakong oa ka o sireletsang. Khele! Ho etsahetse’ng? Le entse khatiso e nakong, e fanang ka tsebo ea ‘lilemong tsa bo-1990.’ Ke fumana phetoho ena e le e hlollang, ’me ka lekhetlo la pele, ke hlile ka bala lihlooho. (Ka tloaelo ke ne ke tla nahana, ‘Oho, ba ne ba se ba le teng hape,’ ebe kea e lahla.) Ho ne ho e-na le boitsebiso bo loketseng e mong le e mong.”
Ha a qetella o ile a ngola: “Le hlile le tseleng e nepahetseng. Tsoelang pele ka mosebetsi o motle, ’me kea tšepisa hore nke ke ka hlola ke lahla likopi leha e le life ho fihlela ke li balile.”
Haeba u ka rata hore kopi ea Tsoha! e romelloe ka poso lehaeng la hao kapa u lakatsa ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Top: Courtesy of ROE/Anglo-Australian Observatory, photograph by David Malin