Lithapelo Tsa Khotso Har’a Mehopolo Ea Ntoa
KA November 1994, Mopapa John Paul II o ile a amohela kopano ea malumeli a mangata Vatican. Ketsahalo eo ile ea tšoauoa ka lithapelo tsa khotso ea lefatše. Puong ea hae e bulang mopapa o ile a re: “Ho sa tsotellehe likhohlano tsa nako e fetileng esita le tsa hona joale, ke mosebetsi le tšoanelo ea rōna hammoho ho etsa hore kamano e teng pakeng tsa bolumeli le khotso e tsejoe hamolemo.”
Ka ho fapaneng, malumeli a lefatše lena a na le botumo bo bobe ntlheng ena. William Vendley, mongoli-kakaretso oa seboka seo, o ile a lumela hore “malumeli a lefatše a amehile ka ho teba likhohlanong likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše.” Nahana ka lipolao tse sehlōhō tsa Rwanda, e leng naheng eo boholo ba batho e leng Mak’hatholike a Roma.
Ka May 1994, Mopapa John Paul II o ile a lumela hore tlokotsi ea Rwanda e ne e le “timetso ea sebele le ea ’nete ea morabe o mong eo, ka bomalimabe, esita le Mak’hatholike a ikarabellang ho eona.” Na ho ba le seabo ha Mak’hatholike ho amme tumelo ea batho ka kerekeng? André Bouillot, Mojesuite oa Belgium, o ile a re: “Lipolao tse sehlōhō li sisintse tumelo ea batho ba bangata.” ’Me e le ka lebaka le letle.
Ho ea ka tlaleho ea Reuters e hatisitsoeng ho Herald ea Miami, “baprista, baruti le baitlami ba har’a batšoaruoa ba Mahutu ba 40 000 ba emetseng kahlolo ka lebaka la liketso tsa ho timetsoa ha morabe.” The New York Times e ile ea tlaleha: “Marwanda a mangata a bolela hore babishopo le baarekabishopo ba bona ha baa ka ba nyatsa lipolao tse sehlōhō kapele-pele kapa ka matla a lekaneng ’me e ne e le li-ea-thoteng-li-bapile le ’Muso oa Habyarimana, o ileng oa thusa ho koetlisa lihlopha tsa ba bolaeang. ’Muso o mocha o laoloang ke Matutsi bonyane o tšoere moprista a le mong ka liqoso tsa ho tšehetsa lipolao tse sehlōhō.” Ka ho sa makatseng, Times ea eketsa: “’Muso o mocha o bolela hore ha o batle hore Kereke e K’hatholike e be le matla joaloka pele, ’me masole a ’nile a khathatsa esita le ho sokela ka hore a tla tšoara baprista ba li qamotang le ba itaolang.”
Jehova Molimo o talima lithapelo tsa khotso tse etsoang ke batšehetsi ba bolumeli ba nang le molato oa mali joang? Esaia 1:15 ea araba: “Leha le ka otlollela matsoho ho ’na, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa lithapelo tsa lōna, nke ke ka li mamela: matsoho a lōna a tletse mali.”
Ka nako e tšoanang, bahlanka ba Jehova ba ’nete ba lula “e se karolo ea lefatše” le likhohlano tsa lona. Nakong ea lipolao tse sehlōhō Rwanda, Lipaki tsa Jehova tsa morabe ka mong li ile tsa fana ka tšireletso mahaeng a tsona bakeng sa Lipaki tse sokeloang tsa morabe o mong, ka hona li li sireletsa ka ho beha bophelo ba tsona kotsing. “Bongata bo boholo” ba Lipaki, bo bokelloang limelong tsohle tsa merabe, bo rapella le ho buella ’Muso oa Molimo e le oona feela tšepo bakeng sa khotso ea ’nete le tšireletseho.—Johanne 17:14, NW; Tšenolo 7:9; Mattheu 6:9, 10; 24:14.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Luc Delahaye/Sipa Press