“Ka Melomo ea Bana”
Mosali ea tsoang Ballito, Natala, Afrika Boroa, o ile a hlalosa kananelo e mofuthu bakeng sa buka e bitsoang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ’me o ile a ngola:
“Ke na le mochana, Rudi Naidoo, ea nang le selemo le halofo, ’me o bolela mabitso a batho bohle ba ka bukeng ka ho talima litšoantšo feela. A ka ba a u bolella hore na batho ba itseng ba tsoang ka Bibeleng ba etsa eng setšoantšong. Ka mohlala, pale ea 11 e bontša Noe ha a fana ka mahlabelo. Rudi oa re bolella, ‘Noe—o rapela Jehova.’
“Ha a botsoa hore na Joshua o etsa’ng paleng ea 49, Rudi o etsisa Joshua setšoantšong, ha a re, ‘Letsatsi ema!’ Ha a khone ho bitsa mantsoe ka nepo empa oa bitsa ka tsela ea hae e qabolang, e monate.
“Ke boela ke batla ho le leboha hape bakeng sa buka ena e babatsehang. Bana ba banyenyane ba khona ho pheta seo batho ba bang ba baholo ba sa se tsebeng. Mantsoe a Jesu ho Mattheu 21:16 ka sebele ke ’nete: ‘U tumisitse lithoko tsa hao ka melomo ea bana le ea ba anyang.’”
Haeba u batla boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo u ka fumanang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele kapa u batla hore e mong a u etele ha hao ho buisana le uena ka bohlokoa ba thuto ea Bibele, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e haufi le uena ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.