“Ho Tla ba Molemo Hore U Bale Tsoha!”
KE SEO Pasquale, mocha oa Paki ea Jehova ea neng a ithuta kolecheng Bari, Italy, a ileng a se bolelloa ha a ne a kōpa tichere ea hae ea thuto ea kelello boitsebiso bo bong boo e neng e e-na le bona mabapi le temallo ea lithethefatsi. Empa, nakong e fetileng tichere ena e ne e ile ea bontša lehloeo ho Lipaki tsa Jehova. Ke’ng se ileng sa fetola boikutlo ba eona?
Pasquale o ile a hlalosa: “Qetellong ea thuto e ’ngoe, tichere e ile ea kōpa hore liithuti li e thuse ho e fumanela boitsebiso bo mabapi le ho hleka-hlekoa ha bana, e leng sehlooho seo e neng e lokisetsa ho ngola tlaleho ka sona litlhahlobong tsa lengolo le phahameng la univesithi. Ke ile ka hopola litokollo tse seng kae tsa Tsoha! tse neng li tšohla taba ena le lihlooho tse ling tse amanang le eona, tse kang ‘Ke Mang ea Lokelang ho Ruta Thuto ea Botona le Botšehali?’ (March 8, 1992). Leha ho le joalo, kaha ke ne ke hlokometse lehloeo la tichere ea ka ho Lipaki, ke ile ka kōpa seithuti-’moho ho e fa limakasine tsena.”
Pasquale o hlalosa se ileng sa etsahala, matsatsi a seng makae hamorao, ha a kōpa tichere ea hae ho mo fa boitsebiso boo a neng a bo batla mabapi le temallo ea lithethefatsi: “Ha ea ka ea araba hang-hang. Ho e-na le hoo, e ile ea ema ’me ea ntšoara ka letsoho. E ile ea mpolella hore pele e ne e sa batle ho amohela limakasine tsa Lipaki tsa Jehova hobane e ne e nahana hore li bonolo haholo ebile li bongoana. Leha ho le joalo, ka mor’a ho li bala e ile ea fetola monahano oa eona. E ile ea bolela hore e fumane limakasine tsena li fupere boitsebiso bo molemo ka ho fetisisa litabeng tsa maemo a bophelo. E ile ea bolela hore e tla kenyelletsa lintlha tse tsoang ho Tsoha! tlalehong ea eona.”
Ho thoe’ng ka kōpo ea Pasquale ea boitsebiso bo mabapi le temallo ea lithethefatsi? E ile ea arabela: “Ke tla u neha tsona ka pelo e tšoeu, empa ho tla ba molemo hore u bale Tsoha! Ke makasine e tšohlang lihlooho tsa bohlokoa, ’me e molemo, esita le boemong ba univesithi.”
Tsoha! e hlahloba mathata a mehla ena ’me e loanela ho fana ka thuso e sebetsang ho ba thulanang le liphephetso tse khōlō kapa tse nyenyane bophelong ba letsatsi le letsatsi. Haeba u rata ho tseba ka thuso eo Bibele e ka fanang ka eona, ikopanye le Lipaki tsa Jehova, tse abang Tsoha!, kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.