“Tšebeletso e Khōlō ho Moloko oa Batho”
“Le entse tšebeletso e khōlō ho moloko oa batho ka ho hatisa buka ena. Ea tsoteha. Ke pokello e babatsehang. E tšoaneloa ke kananelo.
“Botle ba buka ena ke hore e tšohla tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bolumeli, ’me ha e etsa joalo e bile e hlokolosi ho se nyatsa-nyatse. Le entse hantle. Ka sebele le entse hantle.”
Ke buka efe eo ngaka ee ea Tiruchchirappalli, India, e ileng ea ngola lengolo lee e bua ka eona? Ke Moloko oa Batho o Batla Molimo, pokello e maqephe a 384 ea tšimoloho le lithuto tsa malumeli a lefatše a ka sehloohong—Bohindu, Bobuddha, Botao, Boconfucius, Boshinto, Bojuda, Bokreste le Boislam. Likhaolong tse qetellang e hlalosa ho se lumele ho teng kajeno le ho khutlela ho Molimo oa ’nete. Likopi tse ka holimo ho limilione tse 16 tsa buka ena li se li hatisitsoe ka lipuo tse 37.
Ngaka ena e ne e balile kopi e alimiloeng. E ne e batla kopi ea eona. Haeba u ka rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho fumana buka ena e nang le litšoantšo, ka kōpo kopana le Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.