Thuso ea ho Ruta ka mekhoa ea Bophelo
Tichere e ’ngoe, Zimbabwe, Afrika, e ile ea hlokomela hore Kolecheng ea Nyatsime, moo e rutang teng, ho rutoa “Thuto ka Mekhoa ea Bophelo.” E ile ea hlalosa ka mathata a lelapa ao e bileng le ’ona ’me ea lumela hore e ne e hloka thuso bakeng sa ho a rarolla.
Ha e hlalosa se ileng sa etsahala ka mor’a lenyalo la eona, e ile ea re: “Mathata a ile a qaleha hang-hang ’me a re lebisa qetong ea hore re arohane ka November 1989.” Ho ne ho boetse ho e-na le mathata a mang hape. E ile ea ngola: “Ke ’na mora oa letsibolo oa ’Mè, eo e neng e le mosali oa matsoa-thaka oa Ntate. Ha ke ne ke le selemong sa bobeli sa lenaneo la koetliso ea botichere, Ntate o ile a hlokahala, ’me sena se ile sa ntšiea le boikarabelo ba ho hlokomela banab’eso ba 16.”
Ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova ho ile ha thusa tichere ena ho rarolla mathata a lelapa la eona. Eona le mosali oa eona ba boetse ba boelane ’me ba thabile. E ile ea ngola: “’Na le mosali oa ka re ile ra ithuta phihlelong ea rōna e bohloko hore boiteko ba motho ba ho itharollela mathata kantle ho Molimo ke lefeela.” Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ho thusa liithuti tsa eona ka mathata a tsona?
E ile ea ngola: “Ke ile ka buella buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ho mosuoe-hlooho oa sekolo sa rōna le ho matichere a mang e le buka e loketseng ea thuto. Bohle ba ile ba lumela, ’me sekolo se ile sa mpha odoro ea libuka tse 56, tseo ke ileng ka li isa sekolong.”
Re lumela hore le uena ka ho tšoanang u tla rua molemo o moholo thusong ena ea ho ruta e ipiletsang, e nang le litšoantšo tse ntle, e maqephe a 320. Haeba u ka rata ho ba le boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo u ka fumanang kopi ea buka ena kapa u ka rata ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.