Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 5/8 leq. 32
  • E mo Susumelelitse Ketsong!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E mo Susumelelitse Ketsong!
  • Tsoha!—1997
Tsoha!—1997
g97 5/8 leq. 32

E mo Susumelelitse Ketsong!

Monna e mong ea tsoang Caracas, motse-moholo oa Venezuela, o ile a etela ntate oa hae ea seng a hōlile, Rufino. Ntate oa hae o ne a lula La Loma, motsana o mahaeng. Mora o ile a tlisetsa Rufino buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.

Hamorao, Lipaki tsa Jehova tse tsoang Los Humocaros li ile tsa ea La Loma ka boboleli. Ho makaleng ha tsona, batho ba ile ba ’na ba li bolella hore Paki e ne e se e ntse e ba etela. Lipaki li ile tsa makala kaha li ne li tseba hore ha ho Lipaki tse phelang sebakeng seo. Joale motho e mong o ile a li supisa ntlong ea eo ho thoeng ke Paki—e ne e le ntlo ea Rufino!

Rufino o ile a thabela ho kopana le baeti ba hae. Ke hobane’ng ha batho ba motse ba ile ba mo khetholla e le e mong oa Lipaki tsa Jehova? Ha e le hantle, Rufino o ile a qala ho bala buka ea Phela ka ho sa Feleng, ’me ha a fihla khaolong ea 13, o ile a bona setšoantšo sa ha Jesu a romela balateli ba hae mosebetsing oa boboleli. Rufino o ile a etsa qeto ea hore Bakreste kajeno ba lokela ho etsa mosebetsi o tšoanang. Kahoo o ile a qala ho arolelana le baahisane ba hae linnete tsa Bibele tseo a ithutileng tsona.

Thuto ea Bibele ea kamehla e ile ea qaloa le Rufino, ’me a bolelloa ka liboka tsa phutheho. Sontaha se latelang o ne a le teng Holong ea ’Muso. Le hoja Rufino a ne a le lilemo li 80, o ile a tsamaea lihora tse tharo ho ba teng moo! Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, ha ho mohla a kileng a fosoa ke seboka ntle leha a ne a kula haholo. O ile a ba a ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ’me a fana ka puo e babatsehang. Rufino o ile a kula selemong se fetileng, ’me a hlokahala ka July 1996, a e-na le tšepo e tiileng ea tsoho lefatšeng la paradeise.

Re lumela hore le uena ka ho tšoanang u tla rua molemo o moholo ka ho bala buka e ipiletsang ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e nang le litšoantšo tse ntle, e maqephe a 256. Haeba u ka rata ho ba le boitsebiso bo eketsehileng ba kamoo u ka fumanang kopi ea buka ena kapa u ka rata ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela