Bohlale ba Boithibo le ba ho ba le Molekane a le Mong oa Lenyalo
HO FIHLELA joale, batho ba ka bang limilione tse 30 ba se ba tšoaelitsoe kokoana-hloko ea AIDS, ’me ba ka bang limilione tse 6 ba se ba shoele. Ba ka bang 8500 ba fumanoa ba e-na le lefu leo letsatsi le leng le le leng—bao ho bona ba 1400 e leng bana, bao hangata ba shoang selemong sa bona sa pele sa bophelo. Matšolo a ho bitsoang likamano tsa botona le botšehali tse sireletsehileng a tsositse thahasello e khōlō empa ba bang ba nahana hore sena ha sea lekana. Ho The Tampa Tribune, Dr. Steven J. Sainsbury oa ngola: “AIDS ke lefu le bolaeang, ’me mohato leha e le ofe o nkoang ho thibela tšoaetsano ea eona o tlameha ho sebetsa ka ho phethahetseng.”
Mabapi le ho sebelisoa ha lik’hondomo e le thuso ea ho thibela AIDS, Dr. Sainsbury oa hlalosa: “E talime ka tsela ena. Nka hore ka mabaka a sa tsejoeng, ka nako le motsotso likoloi li qala ho phatloha nako le nako ha motho a li lumisa. Hohle ka hare ho naha bapalami ba likoloi ba phatloloa ke ho qhoma hona. Qetellong, ’muso o fana ka tharollo. O bolela hore ho mpe ho tšeloe motsoako o itseng peteroleng, ’me kotsi ea ho phatloha e tla fokotseha ka karolo ea 90 lekholong. Na u ne u tla nka hore bothata bo rarolotsoe? Na u ne u tla ’ne u tsoele pele ho khanna koloi ea hao? Ha ke lumele. Joale, ke hobane’ng ha re amohela lik’hondomo e le tharollo bakeng sa AIDS?”
Ha a hlokomela hore hangata AIDS e bakoa ke likamano tsa botona le botšehali, Dr. Sainsbury o fana ka tharollo: “Motho a se be le likamano tsa botona le botšehali ho fihlela a loketse ho itlama ka molekane a le mong oa lenyalo ea se nang tšoaetso. Mantsoe a sehlooho ke boithibo le lenyalo la molekane a le mong.”
Bibele e laela hore masoha a ithibe boitšoarong ba ho kopanela likamano tsa botona le botšehali ’me ba lenyalong ba be le molekane a le mong oa lenyalo. Litekanyetso tse phahameng tsa Bibele li hanela bohlola, bofebe le bosodoma. (Matheu 19:4-6; 1 Bakorinthe 6:9, 10; 7:8, 9) Le hoja ba bangata ba nyatsa tekanyetso ena, ka hore e siiloe ke nako kapa ka hore e tsoile fesheneng, boitšoaro ba Bibele bo ntlafatsa bophelo bo botle ba ’mele le khotso ea kelello.—Esaia 48:17.