Ke Eng se Etsang Hore Batho e be ba Thabileng?
Ka lilemo tse mashome a mabeli sehlopha se seng sa bafuputsi lefatšeng ka bophara se ’nile sa phehella ho etsa phuputso e hlophisitsoeng mabapi le thabo. Se ile sa fumana’ng? Makasine ea Scientific American ea tlaleha: “Ha ho bonahale eka thabo e itšetlehile hakaalo ka maemo a ka ntle.”
Koranta ena ea saense e boetse e re: “Borui le bona ha bo bolele thabo. Batho ha ea ka ea e-ba ba thabileng haholoanyane nakong eo ka eona lichaba tsa habo bona li neng li phela ka khora. . . . Lichabeng tse ngata ho na le kamano e fokolang pakeng tsa chelete eo batho ba e fumanang le thabo.”
Liphuputso li bontša litšobotsi tse ’nè tse khethollang batho ba thabileng: Baa ithata le ho itlhompha, ba ikutloa ba e-na le taolo bophelong ba bona, ba na le tšepo ea ho atleha bophelong, ’me ba thabela ho kopana le ba bang. Ho phaella moo, manyalo a atlehileng le likamano tse haufi tsa botho ke litšobotsi tsa bophelo bo thabileng, ’me hangata litšobotsi tsena li ntlafatsa bophelo bo botle ba ’mele le ho lelefatsa nako ea bophelo.
Ke ho thahasellisang hore Scientific American e ile ea tlaleha: “Batho ba sehlahlo bolumeling le bona ba tlaleha hore ba thabile haholoanyane. Patlisiso e ’ngoe e entsoeng ka mokhoa oa Gallup e fumane hore batho ba sekametseng bolumeling haholo ba ka ’na ba ipolela ba thabile ho feta ba nang le bomoea bo tlaase ka makhetlo a mabeli. Lipatlisiso tse ling, ho akarelletsa le phuputso e ’ngoe e kopanetsoeng ke lichaba tse 16 e entsoeng ho batho ba 166 000 ba lichaba tse 14, li fumane hore litlaleho tsa thabo le khotsofalo bophelong lia eketseha ha batho ba eketsa ho kopanela ka matla bolumeling ’me ba e-ba teng khafetsa litšebeletsong tsa borapeli.”
Khale mopesaleme Davida o ne a senole hore thabo ea motho ka mong e matahane le borapeli bo momahaneng ho Jehova Molimo, a ngola: “Ka thaba ha ba itse ho ’na: A re eeng ka tlung ea Jehova!”—Pesaleme ea 122:1.
Hase feela moapostola Pauluse a ileng a phehella Bakreste-’moho: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna hammoho”! (Baheberu 10:24, 25) Ka sebele, ho phutheha le ba nang le tumelo eo e leng ea bohlokoa ka ho tšoanang bakeng sa ho rapela Molimo ke ketsahalo e thabisang ho barati ba ’nete ea Bibele. Lipaki tsa Jehova tse limilione li fumane hore sena ke ’nete ’me li u memela ho ikutloela sena ka bouena ka ho kopanela le tsona borapeling Holong ea ’Muso e haufi le uena.