Ruri o Ananela Bohlokoa ba Molula-Qhooa
Seithuti se seng sehlopheng sa botšelela Toledo, Ohio, U.S.A., se ile sa ngola: “Le hoja ke le Mok’hatholike oa Roma, ke rata ho ba le peeletso ea makasine ea lōna e ntle. Motho ea entseng hore ke thahaselle Molula-Qhooa ke Trevor. O lula pel’a ka ka tlelaseng. Re bile metsoalle ka nako e ka etsang selemo joale, ’me o nthutile lintho tse ngata ka Jesu, Jehova le Lipaki tsa Jehova.
“Trevor ke thaka ea ka, rea lekana ka bophahamo ’me ke motho ea ikakhetseng ka setotsoana bolumeling ba hae. O na le peeletso ea Molula-Qhooa ’me o nkalimme e ’ngoe ea limakasine tsa hae. Ke rata lihlooho tse hlakileng tseo le li ngolang. Ke tšepa hore le tla hlokomoloha taba ea hore ha ke Paki ea Jehova ’me le ntumelle hore ke be le peeletso ea makasine ea lōna.”
Molula-Qhooa le makasine e tsamaisanang le oona, Tsoha!, li baloa ka thabo ke batho ba lichaba le malumeli a mangata lefatšeng ho pota. Selemong se fetileng feela ho ile ha hatisoa likopi tse fetang limilione tse 900 tsa limakasine tsena tse peli ka lipuo tse fetang 120!
Le uena ka ho tšoanang u tla rua molemo ka ho bala Molula-Qhooa le Tsoha! kamehla. Haeba u ka rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho fumana kopi kapa u ka rata ho ba le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.