E ba Thusitse ho Khaotsa ho Loana
Moshemane e mong ea lilemo li 11 oa California, U.S.A., o ile a ngolla Lipaki tsa Jehova tse Brooklyn, New York:
“Ke rata libuka tsa lōna, ka ho khetheha e reng Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Pele re fumana buka eo, ’na le khaitseli ea ka ho ne ho se mohla re khaotsang ho loana. Ka letsatsi le leng re ile ra etsa qeto ea ho ithuta buka eo, ’me re ile ra hlokomela hore ha re etse seo Molimo a batlang hore re se etse.
“Buka ena e re thusitse haholo. Kea e ananela, ’me ke khothalletsa le malapa a mang hore a bale buka ena hobane e molemo. E boetse e thusa lelapa leso ho fumana khotso le thabo ka lapeng.”
Lekunutu la Thabo ea Lelapa ke buka e maqephe a 192 e nang le lihlooho tse molemo haholo tse kang “Sireletsa Lelapa la Hao Litšusumetsong Tse Senyang,” “Boloka Khotso Lelapeng la Hao” le “U ka Hlōla Mathata a Senyang Lelapa.”
Haeba u ka thabela ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.