Tichere ea Moscow e Thusitsoe ke
Tsoha!
Tichere e ’ngoe e ile ea ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova, Russia, e bolela hore e rera ho sebelisa lihlooho tsa Tsoha! litlelaseng tsa eona. E ile ea hlalosa:
“Ke nahana hore Tsoha! e nthusa ho fumana matla a macha a bophelo, ho tsosolosa moea oa ka le ho ntokolla mehopolong e tepeletsang. Kea le leboha ka lihlooho tse babatsehang tse buang ka ntoa eo motho a e loanang khahlanong le likokoana-hloko [tokollong ea March 8, 1996]. Ke kholisehile hore limakasine tsa lōna li ruisa lelapa le leng le le leng le nang le tsona molemo.” O ile a phaella: “Ke tla thabela haholo ho fumana Tsoha! . . . Ntle ho pelaelo makasine ea lōna e ka nthusa.”
Lengolo le leng le tšoanang le leo, le ileng la amoheloa ho tsoa Stavropol, e leng motse o nang le baahi ba ka holimo ho kotara ea milione, o lik’hilomithara tse fetang 1100 ka boroa-bochabela ho Moscow, le baleha tjena: “Ke lakatsa ho odara Tsoha! Nakoaneng e sa tsoa feta ke ile ka amohela likopi tse peli tsa makasine ena. Lihlooho tsa tsona li ne li bontša ho utloisisa mathata ao batho ba tobanang le ’ona. Tse ling li ne li hlalosa lintlha tseo ke neng ke qala ho li utloa. Lena ke lekhetlo la pele ke fumana tlhaloso e utloahalang joalo ea lintho.”
Haeba u ka thabela boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho fumana kopi e ’ngoe ea Tsoha! kapa u ka rata hore motho e mong a u etele lapeng la hao ho tla tšohla Bibele le uena, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.