Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 7/8 leq. 15
  • Thelevishene e kotsi hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thelevishene e kotsi hakae?
  • Tsoha!—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Thelevishene e U Fetotse?
    Tsoha!—1991
  • Litsela Tsa ho e Laola
    Tsoha!—2006
  • Ho Sebelisa Thelevishene ka Bohlale
    Tsoha!—2000
  • Laola Thelevishene Pele e U Laola
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 7/8 leq. 15

Thelevishene e kotsi hakae?

Ka la 18 December, 1997, sehlooho sa koranta se ile sa tlaleha hore popae ea thelevishene e ile ea kulisa ba bangata Tokyo, Japane. Ba makholo ba ile ba phallisetsoa lipetlele. The New York Times e ile ea tlaleha: “Bana ba bang ba ile ba hlatsa mali ’me ba bang ba shoa sethoathoa kapa ba akheha. Lingaka le litsebi tsa kelello li lemosa hore ketsahalo ena ke khopotso e tšosang e bontšang hore na bana ba ka hlaseleha habonolo hakaakang mananeong a mang a thelevishene.”

Daily News ea New York e itse: “Japane e ile ea apareloa ke tšabo maobane ka mor’a hore sebata se tšabehang sa TV seo e kang sea phela se tsoerele mahlo a sona a mafubelu ’me bana ba makholo ba ilibana ke ho finahana mesifa ho pholletsa le naha.

“Bana ba ka bang 600 le batho ba baholo ba seng bakae ba ile ba potlakisetsoa likamoreng tsa boemo ba tšohanyetso bosiung ba Labobeli ka mor’a hore ba shebelle . . . popae ea TV.” Ba bang ba ile ba kena lefapheng leo ho hlokomeloang ba maemong a mabe ho lona, ba e-na le bothata ba ho hema.

Yukiko Iwasaki, ’mè oa ngoana ea lilemo li robeli o ile a hlalosa: “Ke ile ka tšoha ha ke bona morali oa ka a akheha. O ile a qala ho hema feela ka mor’a hore ke mo tobole ka mahetleng.”

Bahlahisi ba mananeo a bana a thelevishene ba ile ba sitoa ho hlalosa hore na mokhoa ona o etsang hore eke ntho ea phela oo ba o sebelisitseng, oo ba reng o ’nile oa sebelisoa “ka makhetlo a makholo-kholo,” o ne o ka ikarabella joang bakeng sa ho hlahisa boemo bo kotsi le bo mabifi joalo.

Ka ho hlokomela liphello tse kotsi tseo ho sheba thelevishene ho li hlahisang, batsoali ba bang ba ’nile ba laola ho shebella TV kapa ba bile ba ntšitse TV malapeng a bona. Motsoali e mong oa Allen, Texas, U.S.A. o ile a hlokomela hore pele ba tlosa TV lelapeng la bona, bana ba hae ba ne ba bontša “ho se khone ho tsepamisa maikutlo nthong e itseng, e le lifela-peloana, ba se na tšebelisano-’moho ba bile ba lula ba jeoa ke bolutu.” O ile a tsoela pele ho hlalosa: “Kajeno, hoo e ka bang ngoana e mong le e mong oa rōna—ho tloha ho ea lilemo li 6 ho ea ho ea lilemo li 17—ba bohlale haholo lithutong. Ka mor’a ho tlosa TV, ka potlako ba ile ba e-ba le lithahasello tse fapaneng tse akarelletsang lipapali, ho bala, bonono, ho sebelisa k’homputha le tse ling tse joalo.

“Ketsahalo e ’ngoe eo ka ho khetheha ke sa e lebaleng ke e ileng ea etsahala lilemong tse peli tse fetileng. Mora oa ka eo ka nako eo a neng a e-na le lilemo tse 9 o ile a founa a le phathing ea motsoalle oa hae eo e mong le e mong ea ileng ho eona a neng a il’o robaletsa, a batla ho khutlela hae . . . Ha ke mo lata ’me ke mo botsa hore na molato ke eng, o ile a re, ‘Hoa bora. Sohle se etsoang ke ho lula fatše le ho shebella TV!’”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela