Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 1/8 leq. 32
  • Na U ka Rata ho Thabisa Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Rata ho Thabisa Molimo?
  • Tsoha!—1999
Tsoha!—1999
g99 1/8 leq. 32

Na U ka Rata ho Thabisa Molimo?

Na u ela hloko tlhoko ea hao ea moea bophelong ba hao? Na u ikutloa hore ho na le se haellang lefatšeng leo ho lona lintho tsa bohlokoa e leng matlotlo a bonahalang feela? Na u ka rata ho tseba Molimo le ho ba le kamano e haufi le eena?

U ka ’na ua re, ‘E, empa ke tla mo tseba joang? Na ha ho thata ho bala Bibele le ho e utloisisa?’ Mohlomong, batho ba bang ka lebaka la ho phela tlas’a maemo a thata a moruo, ba kene sekolo ka lilemo tse seng kae feela ’me ba ka ’na ba thatafalloa ke ho bala. Ba ka thusoa joang ho tseba Molimo le seo a se hlokang bakeng sa bophelo bo sa feleng?

Ka 1996 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa lokolla sengoliloeng, seo hona joale se fumanehang ka lipuo tse 211, se bitsoang Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ke bukana e maqephe a 32, e mebala-bala e nang le likarolo tse 16 tse fanang ka likarabo tse bonolo tsa Bibele lipotsong tse kang: Molimo ke mang? Jesu Kreste ke mang? Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše? U ka fumana bolumeli ba ’nete joang? Bukana ena e boetse e hlahloba kamoo re ka atamelang haufi le Molimo ka thapelo le kamoo re ka thabelang bophelo ba lelapa bo thabisang Molimo.

Haeba u rata ho fumana kopi ea bukana ena, ka kōpo romela setlankane se bontšitsoeng mona.

□ Nka rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo nka fumanang kopi ea bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?

Ka puo efe

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele ea mahala.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela