1914—Na e ne e le Qaleho ea Lekholo la Bo20 la Lilemo?
Charley Reese mongoli oa makasine e itseng o ile a ngola: “Lekholo la bo19 la lilemo—le hlalositsoe e le sehlopha sa litumelo, likhakanyo, maikutlo le litsela tsa boitšoaro—ha lea ka la fela ka la 1 Jan., 1901. Le ile la fela ka 1914. Ke ka nako eo ho ileng ha boela ha qala lekholo la bo20 la lilemo, le hlalositsoeng ka tsela e tšoanang.”
Reese o ile a hlalosa: “Hoo e ka bang lintoa tsohle tseo re ’nileng ra ameha ka tsona bophelong ba rōna bohle li simolohile ntoeng eo [ea pele ea lefatše).... E sentse tšepo ea katleho ea lekholo la bo19 la lilemo ’me ea baka mefuta ea ho phelela menyaka ea lekholo la bo20 la lilemo, ho belaella botšepehi ba ba bang, ho tšoenyeha, boikutlo ba ho se sireletsehe le tumelo ea hore bophelo ha bo na thuso.”
Ho hlakile hore 1914 e ne e le selemo sa bohlokoa historing. Bukana e maqephe a 32 ea Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang? e bua ka taba eona ena. U ka fumana bukana ena ka ho tlatsa le ho romela setlankane se ka tlaase mona atereseng e ho sona, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.