Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 4/8 leq. 32
  • E Ile ea Sireletsa Chelete ea Monna e Mong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Ile ea Sireletsa Chelete ea Monna e Mong
  • Tsoha!—1999
Tsoha!—1999
g99 4/8 leq. 32

E Ile ea Sireletsa Chelete ea Monna e Mong

Ha a ntse a tsamaea ka tekesi pakeng tsa metse e meng Nigeria, Afrika Bophirimela, monna e mong o ile a buisana le e mong eo ba tsamaeang le eena ka “Mekhoa eo Molimo a e Hloileng,” e leng thuto e fumanoang bukaneng ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ha tekesi e ema reschorenteng e ’ngoe, monna ea neng a ile a bontša hore o thahasella bukana eo o ile a supa sephutheloana seo a neng a se nkile ’me a hlalosa: “Ke sa chelete. . . . Ke se nkile ho o mong oa mekotlana ea baeti ka morao tekesing.”

Leha ho le joalo, monna eo ea neng a nkile chelete o ne a soabetse seo a se entseng ’me o ne a batla ho khutlisetsa chelete ho mong’a eona. Sephutheloana seo se ile sa tsejoa ke mohoebi e monyenyane, ea neng a ntse a tsamaea le bona, ’me a re ke sa hae. Se ne se tšetse linaira tse 150 000 (chelete e ka bang R10 000). Lesholu lena, le neng le ile la sala phofu ea lona morao sebaka sa lik’hilomithara tse 500, le ile la bolella mohoebi eo hore a lebohe motho ea hlahlobileng boitsebiso bo ka bukaneng eo le eena. Le ile la hlalosa hore ke boitsebiso boo bo entseng hore le khutlise chelete eo.

Ha mokhanni le baeti ba bang ba utloa se etsahetseng, ba ile ba makala, ’me kaofela ha bona ba batla likopi tsa bukana eo. Mohoebi eo ho ne ho se mohla a kileng a lumela ho bua le Lipaki, empa joale o ile a batla ho khanneloa thuto ea Bibele.

U ka fumana bukana ena ea bohlokoa e maqephe a 32 ka ho tlatsa setlankane se bontšitsoeng mona le ho se romela atereseng e bontšitsoeng setlankaneng kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Nthomelle boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo nka fumanang kopi ea bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?

Bontša hore na ka puo efe

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela