Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 6/8 leq. 32
  • ‘Mosebetsi oa Lōna o Tsoela Sechaba Molemo Joang?’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Mosebetsi oa Lōna o Tsoela Sechaba Molemo Joang?’
  • Tsoha!—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ho Thabela Kotulo India
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Tumelo ea Lelapa e Tsietsing
    Tsoha!—2004
  • Re Hlokomeloa ka Boitšoaro ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 6/8 leq. 32

‘Mosebetsi oa Lōna o Tsoela Sechaba Molemo Joang?’

ENA e bile potso eo Chandrakant Patel, moqolotsi oa litaba oa India, a ileng a e botsa setho se seng sa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York. Monghali Patel o ne a tlile ho tla bona mehaho ’me o ile a khahloa ke seo a se boneng le ho se utloa hoo e itseng ha a khutlela India, a ileng a ngola sehlooho koranteng e ’ngoe ea puo ea Segujarati.

Ha a bapisa tse ling tsa litumelo tsa Lipaki tsa Jehova le tsa mekhatlo ea likereke ea India, Monghali Patel o ile a ngola hore Lipaki tsa Jehova li lumela ho Molimo ea matla ’ohle, Jehova, ho fapana le thuto ea Boraro-bo-bong e atisang ho rutoa likerekeng le hore ha li sebelise litšoantšo borapeling ba tsona. O ile a hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li latela melao-motheo e phahameng hobane li itšoarella ka tieo litekanyetsong tsa Bokreste tse ngotsoeng ka Bibeleng mabapi le bofebe, ho ntšoa ha limpa le ho hloea kapa ho bolaea motho e mong. O ile a hlalosa Lipaki e le batho ba khotso, ba lerato, ba nang le mamello le ba ratang ho thusa ba bang esita le ba sebete le ba chesehelang ho hasa molaetsa oa Bibele ho ba bang.

Moqolotsi eo oa litaba ea tsoang India o ile a fumana karabo e reng eng potsong ea hae ea hore, ‘Mosebetsi oa lōna o tsoela sechaba molemo joang?’ O ile a ngola: ‘Karabo e bile hore thuto ea Bibele e ruisa molemo likarolong tsohle tsa bophelo.’ Monghali Patel o ne a batlile ho tseba ka ho khetheha ka taba ea tlhokomelo ea bophelo bo botle le ea mosebetsi. Ha a qotsa lintlha tsa tlhaloso eo a ileng a e fuoa, o ile a tlaleha: ‘Haeba motho a latela keletso ea Mangolo ea hore a qobe ho sebelisa lintho tse kotsi joaloka koae le lithethefatsi ’me a phela ka bohloeki, a ka qoba ho tšoaroa ke maloetse a fapa-fapaneng. ’Me batho ba sebetsang ka thata, ba phelang ka bohloeki le ka botšepehi ba boemong bo molemonyana ba ho fumana mosebetsi. Ho feta moo, ho rarolla mathata ka mosa le ka lerato ho etsa hore ho be le tšebelisano-’moho e mofuthu le ba bang. Kahoo, ho ruta batho seo Bibele e se buang ho sebeletsa molemong oa sechaba.’

Moqolotsi enoa oa litaba o ile a bona lithuto tsa Bibele li sebetsa ntlo-khōlōng ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova. Sehlooho sa hae se ile sa rorisa bohloeki le thabo ea basebetsi ba inehetseng ba baithaopi ba setsing sa tšebetso ea moea. Le uena u ka rua molemo lithutong tsa Bibele. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u bontša hore na joang.

Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa u ka rata hore motho e mong a u etele ho tla u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Newspaper background: Courtesy Naya Padkar, Gujarati Daily published from Anand, India

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela