Ngongoreho ka Mali a Silafetseng
HA Demetrio Pessoa, setsebi sa tšebetso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang, Bolivia, a kula ka mor’a ho buuoa, o ile a potlakisetsoa tleliniking. Mono o ile a tšeloa mali, ’me a ba boemong bo tsitsitseng. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana setsebi sena sa tšebetso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang se ile sa hlaseloa ke feberu ka sekhahla. Ka mor’a ho mo hlahloba, lingaka li ile tsa mo bolella litaba tse bohloko: Monghali Pessoa o tšetsoe mali a silafetseng a nang le kokoana-hloko ea Trypanosoma cruzi. Ka lebaka leo, o ile a kenoa ke Chagas’ disease.
Panos, e leng mokhatlo oa litaba o thehiloeng London e bontša hore boemo ba Monghali Pessoa bo tloaelehile Bolivia. Phuputso ea bongaka e entsoeng nako e telele linaheng tse 12 tsa Latin America e bontša hore karolong eo ea lefatše, maloetse a bakoang ke mali a silafetseng ke ketsahalo ea letsatsi le letsatsi. Naheng e ’ngoe ea Latin America, ho bakuli ba bang le ba bang ba 10 000 ba tšeloang mali, ba 220 ba qetella ba tšoaelitsoe boloetse bo itseng. Seo se bolela hore ho batho ba bang le ba bang ba 45 ba tšeloang mali a le mong o fumana tšoaetso!
Leha ho le joalo, Chagas’ disease hase eona feela e sokelang. Phuputso eo e bontša hore linaheng tse ’maloa tsa Latin America mali a fanoeng ha aa ka a hlahlobeloa hepatitis C le hore linaheng tse ling litlhahlobo tsa mokaola li etsoa ka seoelo. Ho feta moo, linaha tse ’maloa ha li na thepa e lekaneng ea ho hlahloba mali hore na a na le HIV kapa che. Ha a bua ka mali a silafetseng, Tonchi Marinkovic, e leng letona la bophelo, Bolivia, o ile a re: “Molimo re boloke tlokotsing, kaha re ka ’na ra iphumana re le maqakabetsing a boloetse ba mokaola, lefu la sebete, Chagas’ disease kapa AIDS.”
A sa hlokomele, letona lena la ’muso le ne le supa tsela e nepahetseng ea ho emisa tšokelo ena ea maqakabetsi a bongaka. Koranta e bitsoang Notícias Bolivianas e ile ea hlokomela lilemong tse seng kae tse fetileng sehloohong se buang ka likotsi tsa tšelo ea mali: “Ho buelloa hore mali a iloe tumellanong le taelo ea Bibele.” Taelo ea Bibele eo koranta ena ea Bolivia e neng e bua ka eona e ho Liketso 15:29. E re: “Le ’ne le ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola. Haeba le ipoloka ka hloko linthong tsena, le tla atleha.”—Bona le Genese 9:4; Levitike 3:17.