Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 8/8 leq. 32
  • Khatiso e Nang le Morero

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khatiso e Nang le Morero
  • Tsoha!—1999
Tsoha!—1999
g99 8/8 leq. 32

Khatiso e Nang le Morero

MOOKAMELI e mong oa laebrari ea sechaba Prague, Rephabliking ea Czechoslovakia, o ile a maneha tlhaloso ea maqephe a mabeli e hlalosang Tsoha! lematjaneng la boitsebiso laebraring. Har’a lintho tseo a li ngotseng ho na le tse latelang:

“Ha ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Leha e le hore ke motšehetsi ea inehetseng kapa eena mohanyetsi ea thata-thata oa Mokhatlo oa Watch Tower. Leha ho le joalo, ke batla ho babatsa ka mofuthu makasine ea Tsoha!, eo e seng e le nakoana ke e bala. Ho ipalla sehlooho sa eona feela hang ka letsatsi ho ka u tsoela molemo o moholo. Empa hase sehlooho sa eona feela se leng bohlokoa empa le tsona litaba tse ka har’a makasine ena li molemo li tlatsetsa limakasine tsa khoebo . . . 

“Tsoha! e fupere boitsebiso bo nahanetsoeng hantle. E na le lihlooho tse buang ka lintho tseo limakasine tse ling li leng leqe ho li hatisa ka mabaka a fapa-fapaneng. E bontša maemo a itseng le liphello tsa ’ona, e ruta lefatše ka bophara ho ba hlokolosi . . . Tsoha! ha e ahlole. E fana ka lintlha le maikutlo a ba boholong, e bontša lehlakore le molemo le le lebe la taba, tsela ea ho sebetsana le mathata a teng kajeno e qotsa ka Bibeleng, ’me e siela ’mali ho iketsetsa qeto. Ho feta moo, Tsoha! e botsa lipotso—’me e ruta babali ho botsa lipotso.”

Leqepheng la 4 la makasine e ’ngoe le e ’ngoe, karolo e reng “Lebaka la ho Hatisoa ha Tsoha!” ea hlalosa: “Habohlokoa ka ho fetisisa, makasine ena e etsa hore batho ba tšepe tšepiso ea ’Mōpi ea lefatše le lecha la khotso le tšireletseho le tla tloha le nkela tsamaiso ea hona joale ea lintho e khopo sebaka, le e se nang molao.”

U tla fumana tšepiso ena ea Molimo e tšohliloe likhaolong tse peli tsa ho qetela bukaneng e maqephe a 32 ea Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang? Likhaolo tsena tse peli li na le lihlooho tse reng “Haufinyane Morero oa Molimo o Tla Phethahala” le se reng “Phela ka ho sa Feleng Lefatšeng la Paradeise.” U ka fumana bukana ena ka ho tlatsa setlankana se bontšitsoeng mona le ho se romela atereseng e bontšitsoeng setlankaneng kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Nthomelleng boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo nka fumanang kopi ea bukana ea Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?

Bontša hore na ka puo efe

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela