Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 10/8 leq. 32
  • “Takatso ea Ka e Khōlō ka ho Fetisisa”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Takatso ea Ka e Khōlō ka ho Fetisisa”
  • Tsoha!—1999
Tsoha!—1999
g99 10/8 leq. 32

“Takatso ea Ka e Khōlō ka ho Fetisisa”

SEHLOPHA sa liithuti Vranje, Yugoslavia, se ile sa abeloa ho ngola moqoqo ka sehlooho se ka holimo. Moqoqo o latelang ke o ileng oa ngoloa ke Sergej ea lilemo li robeli, eo hamorao moqoqo oa hae o ileng oa manehoa sekolong bakeng sa hore bohle ba o bale.

“Qalong, ke ne ke batla ho ngola ka hore takatso ea ka e khōlō ka ho fetisisa ke ho qeta sekolong ke e-na le limaraka tse ntle ka ho fetisisa le ho ea phomolong Belgrade. Empa ha ke le hae ke ile ka nahana ka ntho e ’ngoe e fapaneng. Takatso ea ka e khōlō ka ho fetisisa ke hore lefatše lohle le be le khotso, batho bohle ba phele ka thabo le ka ho ratana le ho thusana. Ke lakatsa hore batho bohle ba phele hantle le hore lefatše la rōna le hloeke ho feta kamoo le hloekileng kateng hona joale.

“Kajeno lefatše le silafalitsoe ke lik’hemik’hale. Metsi le moea le tsona li silafetse. Ka lebaka la tlala e teng lefatšeng, bana ba likete baa shoa letsatsi le letsatsi, ’me ba bang ba bangata baa shoa ka lebaka la ho kula. Ke lakatsa hore lintho tseo kaofela li fele, ’me ke lakatsa hore bana bohle ba utloe hore batsoali ba bona baa ba rata, e le hore ba ka ithoballa ka khotso le ka thabo, ba tseba hore hoseng ho hong le ho hong ha letsatsi le hlahlamang ho tlisa letsatsi le thabisang. Sena ha se etsahale lefatšeng lena, empa se tla etsahala nakong e tlang. Ena ke eona takatso ea ka e khōlō ka ho fetisisa.”

Ke’ng se ileng sa kholisa Sergej hore lintho tsee li tla etsahala? O lumela litšepisong tsa Molimo tse hlalositsoeng ka Bibeleng. Bukana e reng, Na Ruri Molimo oa re Tsotella? e hlalosa litšepiso tsena karolong e nang le sehlooho se reng, “Lefatše le Lecha le Hlollang le Entsoeng ke Molimo.” U ka fumana bukana ena ka ho tlatsa setlankana se bontšitsoeng mona le ho se romela atereseng e bontšitsoeng setlankaneng seo kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Nthomelleng boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo nka fumanang kopi ea bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella?

Bontša hore na ka puo efe

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela