Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 11/8 leq. 32
  • India le Chaena li Sokeloa ke Koae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • India le Chaena li Sokeloa ke Koae
  • Tsoha!—1999
Tsoha!—1999
g99 11/8 leq. 32

India le Chaena li Sokeloa ke Koae

KA MONGOLLI OA TSOHA! INDIA

HA LITHIBELO tsa ho etsa liphatlalatso tsa koae li ntse li eketseha le thuto ea likotsi tsa ho tsuba sakerete bophelong e ntse e nama linaheng tsa Bophirimela, lik’hamphani tse khōlō tsa koae li retelehetse Bochabela ho ea rekisa lihlahisoa tsa tsona teng. Liphuputso tse tšehelitsoeng ka chelete ke Banka ea Lefatše li bolela esale pele hore batho ba bolaoang ke koae selemo le selemo Chaena ba ka ’na ba fihla ho milione ka selemo sa 2010. British Medical Journal e boletse hore Machaena a limilione tse 100 a ka tlaase ho lilemo tse 29 a tla bolaoa ke ho tsuba.

Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o hakanya hore Chaena hammoho le India—e nang le baahi ba ka bang limilione tse sekete—e mocheng oa ho ba “le keketseho e khōlō ka ho fetisisa le e potlakileng ka ho fetisisa ea mafu a amanang le koae.” Litlaleho li bontša hore bana ba ka bang limilione tse 20 moo ba qala ho tsuba selemo se seng le se seng. Monna e mong oa India Boroa e ne e bile setsubi sa mocha-o-chele ka lilemo tse ngata. O ile a ngolla bahatisi ba Tsoha! a ba leboha ka sehlooho sa makasine eo se ileng sa mo thusa ho khaotsa ho tsuba ka ho feletseng. E ne e le sehlooho se reng, “U ka Khaotsa—Re Khaolitse!” se ileng sa hlaha tokollong ea December 8, 1998.

U ka fana ka mabaka afe a ho khaotsa ho tsuba? A mang a susumelletsang motho ho nahana ka ho teba a fumanoa leqepheng la 25 la bukana e maqephe a 32 ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? U ka kōpa kopi ka ho tlatsa setlankana se bontšitsoeng mona le ho se romela atereseng e bontšitsoeng setlankaneng kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Nthomelleng boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo nka fumanang kopi ea bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?

Bontša hore na ka puo efe

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela