Motho ea sa Lumeleng Hore Molimo o Teng o Fumana Likarabo
“LIHLOOHO tse hatisoang limakasineng tsa lōna tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ke tse hlollang! Litokollo tsa lōna tsa morao-rao ke tseo motho a ke keng a iphapanyetsa tsona! Li araba lipotso tse ngata haholo ’me li boetse li fana ka khotso ea kelello.”
Ke kamoo ’mali e mong oa India boroa a boletseng kateng. O tsoetsoe e le Mohindu, empa ntate oa hae a mo hōlisa e le ea sa lumeleng hore Molimo o teng. O re: “Ke ne ke sa fumane morero oa bophelo. Khopolo-taba ea Darwin ea ho iphetola ha lintho e ne e utloahala e se na kelello. Ka lilemo tse ngata ke ne ke khathatsoa ke lipotso tse kang, Molimo ke Mang? Ke hobane’ng ha lefatše lee le senyehile? Re ea hokae ka mor’a lefu? Na meea e khopo ke ea sebele?”
Hoba ’mali enoa a fumane likarabo tsa lipotso tsena ho Molula-Qhooa le Tsoha! o ile a etsa peeletso ea limakasine tseo tse peli, a romella khaitseli ea hae mpho ea peeletso, ’me hona joale o fetisetsa limakasine tsena ho batho bao a kopanang le bona. Kaha o nka lifoto hape ke moetsi oa litšoantšo, o ile a bontša ho ananela litšoantšo tsa limakasine tsena, tse “ipuellang.” Ka ho bala limakasine tsena tse ntle, u ka ikopanya le ba limilione lefatšeng ka bophara bao lipotso tsa bona li ileng tsa arabeloa ’me ba fumana khotso ea kelello.
Haeba u ka thabela ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka Molimo le morero oa hae ka rōna, re tla thabela ho u romella boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo u ka fumanang bukana e ajoang hohle ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Tlatsa setlankana se bontšitsoeng mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Nthomelleng boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo nka fumanang kopi ea bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Bontša hore na ka puo efe
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 32]
COVER, pages 2-9 and 32: Einstein: U.S. National Archives photo; Model-T Ford: From the Collections of Henry Ford Museum & Greenfield Village; Great Depression: Dorothea Lange, FSA Collection, Library of Congress; Nicholas II and family: From the book Liberty’s Victorious Conflict; League of Nations building: U.S. National Archives photo; Churchill: The Trustees of the Imperial War Museum (MH 26392); Battleship: U.S. Navy photo; Atomic bombs: USAF photo; Gandhi: Culver Pictures; Man on the moon: NASA photo; Pollution: Godo-Foto; Mao Tse-tung: Culver Pictures; African children: FAO photo/F. Botts; Statue of Lenin: Juraatis/Sipa Press; Space shuttle: NASA photo; Archduke Ferdinand: From the book The War of the Nations; Lenin: Musée d’Histoire Contemporaine-BDIC