Buka e ka Thusang ho Pholosa Manyalo
SELEMONG SE FETILENG mosali ea bitsoang Leslie, oa Louisiana, U.S.A., o ile a fumana mohala o tsoang ho moemeli oa Univesithi ea Tulane. Moemeli eo o ile a re univesithi ea Tulane, hammoho le e ’ngoe, li etsa phuputso e itseng ho batho ba sa tsoa nyalana Louisiana.
Ka mor’a hore mosali enoa a lumele ho nka karolo phuputsong ena, o ile a romelloa foromo ea lipotso eo a ileng a e tlatsa, ’me ha a e khutlisa a kenyelletsa buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. O ile a hlalosa hore eena le monna oa hae ke Lipaki tsa Jehova le hore ba ile ba bala buka ena hammoho ha ba ntse ba itokisetsa ho nyalana.
Libeke tse ’maloa hamorao, o ile a fumana lengolo le tsoang ho motsamaisi oa phuputso eo, ea neng a ngotse hore: “Re tšepa hore banyalani ba kang uena le monna oa hao ba ka re ruta hore na ho hlokahala eng ho etsa manyalo a tiileng le a thabileng. Taba ea hore le na le limelo tse fapaneng hakana ke ea bohlokoa kaha hangata sena se baka bothata manyalong. Empa tsela eo le ileng la itokisetsa lenyalo ka eona, haholo-holo ka buka e kang ena eo u e rometseng, e tla le thusa hore le sebetsane le bothata leha e le bofe bo hlahang. Ke ’nete hape hore bolumeli ke motheo oa bohlokoa haholo lenyalong. Le lehlohonolo haholo hore ebe le na le tumelo e matla ’me le itšetlehile ka thuso ea Molimo.
“Ke behile buka eo u nthomelletseng eona holim’a deske ea ka, joale ke e bontša liithuti tsa ka ha li nkōpa likeletso mabapi le ho kena lenyalong. Ke qala ho bona buka ena, che ea babatseha.”
Re tšepa hore le uena u tla fumana buka ena e le ea bohlokoa haholo. U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase le ho se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena. U tla fumana litlhahiso tse tobileng tse ka u thusang ho rarolla mathata le ho etsa hore bophelo ba lelapa e be bo thabisang ka tsela eo ’Mōpi a neng a rerile ka eona.
□ Ka kōpo nthomelleng buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.
Bontša hore na ka puo efe.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.