Likarabo Tse Sebetsang Tsa Lipotso Tseo U ’Nileng Ua Ipotsa Tsona!
• Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Nkutloisise?
• Ke Hobane’ng ha Ntate le ’Mè ba Ile ba Arohana?
• Ke Joang Nka Etsang Metsoalle ea Sebele?
• Ke Hobane’ng ha ke Tepella Maikutlong Hakana?
• Ke Hobane’ng ha Bana ba Bang ba sa Ntlohele?
• Ho Thoe’ng ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Pele ho Lenyalo?
Buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ha e tšoane le libuka tse ling tse hatiselitsoeng bacha. E hatisitsoe ka mor’a hore ho buisanoe le bacha ba bangata lefatšeng ka bophara. ’Me likarabo tsa eona tse thehiloeng Lentsoeng la Molimo, Bibele, li hlile lia sebetsa! Lipotso tse ka holimo ke tse ling tsa tse arajoang ke buka ena e maqephe a 320.
Mabapi le ho kōpa buka ena, u ka tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Ka kōpo ntlisetseng buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.
Bontša hore na ka puo efe.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.