‘Makasine e Lokelang ho Thuisoa’
DAVID o ithutela molao Univesithing ea Obafemi Awolowo, Nigeria. Haufinyane tjena o ile a ngolla ofisi ea moo ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, a re: “Ke tloaetse ho isetsa moprofesa e mong ea hlahelletseng lefapheng la thuto ea molao, ea lilemo li 70, makasine ea Tsoha! Hoseng ha letsatsi le leng, ka mor’a hore a fumane litokollo tsa morao, o ile a re ho motho ea neng a mo etetse ofising ea hae: ‘Libuka tse ling li lokela ho latsuoa feela, tse ling li lokela ho koenngoa, ’me tse seng kae tsona li lokela ho hlafunisisoa le ho thuisoa. Tsoha! ke makasine e lokelang ho hlafunisisoa le ho thuisoa.’”
Ka lekhetlo le leng ha David a qeta ho tsoa ofising ea moprofesa, o re o ile a utloa moprofesa a buella Tsoha! ho motho e mong eo a neng a mo etetse. “O ile a babatsa botebo ba lipatlisiso tse etsoang pele ho ngoloa Tsoha! a ba a bolela kamoo e sa nkeng lehlakore kateng le hoja ka sebete e ngola ka litaba tseo ho nang le maikutlo a fapaneng ka tsona. Ke ile ka mo utloa a re: ‘Ke bala limakasine tsena ka kelo-hloko e khōlō. E tlameha hore ebe ke Molimo ea fang bangoli bohlale ba hore ba ngole lihlooho tse babatsehang hakana.’”
Tsoha! e ea ruta ebile e bua ka lihlooho tse ngata tse fapaneng. Habohlokoa haholoanyane ke hore e haha tšepo tšepisong ea ’Mōpi e ka Bibeleng ea hore lefatše le lecha la khotso le tla nkela tsamaiso ena ea hona joale sebaka. Bukana e maqephe a 32 e nang le sehlooho se reng Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? e totobatsa morero oo oa Molimo, e fana ka boitsebiso ba Bibele bo bontšang hore re tlameha ho etsa’ng hore re fumane kamohelo ea hae. U ka kōpa bukana ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Ka kōpo ntlisetseng bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho rōna?
Bontša hore na ka puo efe.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.