“E Mphetotse Haholo”
Sena ke se ngotsoeng ke moshanyana ea lilemo li 12 oa Virginia, U.S.A., mabapi le buka e ncha e reng Ithute ho Mosuoe e Moholo. O re e mo rutile lintho tse ling tseo a neng a sa li tsebe, lintho tseo le ho li utloa a neng a e-s’o ka a li utloa. Oa hlalosa:
“Ithute ho Mosuoe e Moholo e nthutile hore kamehla ke rate Molimo, ke bue ka eena ho motho e mong le e mong, ’me ke bue le eena ka thapelo. E boetse e nthutile hore ke kōpe Molimo hore a nthuse le ho ntšireletsa. Ke ithutile hore motho leha e le ofe ea ratang Molimo le ea etsang taelo ea Molimo o tla ba teng Paradeiseng.
“E mphetotse haholo. Ke ne ke tloaetse ho bua leshano ka linako tsohle, empa ka mor’a ho bala buka ena, ke khaolitse ho bua leshano. Lintho tseo ke ithutileng tsona bukeng ena li entse hore ke be le takatso ea ho bala libuka tse ling tse tšoanang le eona. Ka hona, ke tla rata ho bala le ho fumana ho eketsehileng ka Molimo.”
Mohlomong le uena u tla ikutloa ka tsela e tšoanang ha u bala buka ena e nang le litšoantšo tse ntle e maqephe a 256, eo maqephe a eona a lekanang le a makasine ka boholo. Le uena u ka ’na ua thabela ho bala likhaolo tse kang e reng “Jesu o re Ruta ho Rapela,” “Thuto ea ho ba Mosa,” “Tsela ea ho Thaba,” le “Lebaka Leo ka Lona re sa Lokelang ho Bua Leshano.” U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo.
Bontša hore na ka puo efe.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
O fana ka thuto ka ho bua leshano