Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 11/8 leq. 32
  • Li ka Tšelisa ba Mesarelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Li ka Tšelisa ba Mesarelong
  • Tsoha!—2004
Tsoha!—2004
g04 11/8 leq. 32

Li ka Tšelisa ba Mesarelong

Mosali e mong oa Jalisco, Mexico, o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Mexico. O ile a kōpa: “Ke kōpa le nthomelle libukana tse ngata tsa Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Ha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, empa ke lumellana le likhopolo tse ngata tsa lōna.”

Mong’a lengolo o ile a hlalosa lebaka la hae la ho kōpa libukana tsena, a re: “Ke batla libukana tsena hobane ke nahana hore ho tla ba molemo ho li fa batho ba bang ba rekang lipalesa lebenkeleng la rōna. Ke bua ka ba rekang likhare tsa lipalesa tsa mabitleng, bao ka linako tse ling e leng mosali, bana, kapa monna oa motho ea hlokahetseng. Ke lumela hore libukana tsena li ka ba thusa haholo.”

Mohlomong uena kapa motho eo u mo tsebang le ka rata ho fumana matšeliso ka ho bala bukana ena e maqephe a 32. E arabela lipotso tse kang: Nka phela le ho sareloa ha ka joang? Ba bang ba ka thusa joang? Ho na le tšepo efe bakeng sa ba shoeleng?

U ka kōpa bukana ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse bukana ea Ha Eo U Mo Ratang a E-shoa.

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela