‘Ke ne ke Batla ho Tseba ho Eketsehileng ka Bolumeli ba Ka’
BAKENG sa mosebetsi oa hae oa sekolo oa histori, Ciara ea lilemo li 12, oa Florida, U.S.A., o ile a khetha sehlooho se thahasellisang—ho hlorisoa ha Lipaki Tsa Jehova Jeremane ea Bonazi. O re: “Ke ile ka khetha sehlooho sena hobane ke ne ke batla ho tseba ho eketsehileng ka bolumeli ba ka. Ke ne ke batla ho tseba hantle hore na Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tobana le eng nakong ea Polao e Sehlōhō.”
Ka mor’a ho etsa patlisiso e ngata, Ciara o ile a haha phiramide e pherese ka lepolanka, e neng e emela lesela le pherese le likhutlo li tharo le neng le rokelloa junifomong ea Lipaki Tsa Jehova e le ho li khetholla likampong. Ciara o ile a khomaretsa litšoantšo mahlakoreng a phiramide tse nang le mongolo o li hlalosang. Hape o ile a khomaretsa le lengolo le otlang pelo empa le boetse le tiisa tumelo, la Wolfgang Kusserow, e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ea ileng a le ngola pele a bolaoa.—Bona Molula-Qhooa oa September 1, 1985, leqepheng la 14.
Phiramide ea Ciara e ile ea hlalosa ka ho hlaka hore ho fapana le batšoaruoa ba bang, Lipaki tsona li ne li e-na le khetho: Haeba li ne li ka tekena tokomane e latolang tumelo ea tsona, li ne li ka lokolloa. Taba ea hore bongata ba tsona ha boa ka ba tekena tokomane eo e bile bopaki ba botšepehi ba Lipaki Tsa Jehova.
Ciara o re o ile a rua molemo ka ho khetha sehlooho sena bakeng sa mosebetsi oa hae oa sekolo. Ka sebele e mo thusitse hore a ithute ho eketsehileng ka bolumeli ba hae. O re: “Ho sa tsotellehe hore Lipaki Tsa Jehova e ne e le sehlopha se senyenyane mehleng eo Jeremane, li ne li e-na le tumelo e matla, e ileng ea li thusa ho hlōla tlhoriso eo li neng li tobane le eona.”
Haeba u Paki ea Jehova e nyenyane e sa ntseng e le sekolong, na ho na le litsela tseo le uena u ka buang ka histori ea tumelo ea hao ka tsona?