Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/06 leq. 32
  • Ba Limilione ba Tl’o ea—Uena?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Limilione ba Tl’o ea—Uena?
  • Tsoha!—2006
Tsoha!—2006
g 6/06 leq. 32

Ba Limilione ba Tl’o ea—Uena?

◼ Ba ea hokae? Kopanong ea Setereke ea Lipaki Tsa Jehova e nang le sehlooho se reng “Topollo e Atametse!” Ho lokiselitsoe hore likopano tse makholo tse nkang matsatsi a mararo, tseo United States li qalileng mafelo-bekeng a ho qetela a May, li tšoareloe metseng e meng lefatšeng ho pota likhoeling tse latelang metseng e fapaneng lefatšeng ho pota. Selemong se seng morao tjena, batho ba ka bang limilione tse 11 ba ile ba e-ba teng likopanong tsa setereke tse 2 981!

Libakeng tse ngata lenaneo le qala ka 9:30 hoseng ka ’mino. Ka Labohlano ho tla tšohloa sehlooho se reng “Ela Hloko Topollo eo Jehova a e Tšepisitseng” le se reng “Kamoo Jehova a Lopollang ‘ea Futsanehileng ea Hoeletsang ho Kōpa Thuso.’” Puo ea sehlooho e reng “Seo Jehova a re Lokiselitseng Sona Bakeng sa ‘Topollo e sa Feleng,’” e tla phetha lenaneo la hoseng.

Lipuong tse tla fanoa ka Labohlano thapama ho tla ba le e reng “Jehova o Hlokomela ba Hōlileng ka Lerato,” “Topollo Mahlomoleng a Hlokofatsang,” le e reng “Karolo eo Mangeloi a e Phethang ‘Tšebeletsong ea Sechaba.’” Neheletsano ea lipuo tse ’nè e nang le sehlooho se reng “Jehova—ke ‘Mopholosi’” e tla etella pele puo e koalang lenaneo leo e reng “Ha ho Sebetsa se U Loantšang Kapa Leleme Tse Tla Atleha.”

Lipuong tse tla fanoa lenaneong la Moqebelo hoseng ho tla ba le neheletsano ea lipuo tse tharo e nang le sehlooho se reng “Tsoelang Pele Tšebeletsong ‘le sa Khaotse,’” hammoho le puo e reng “Re Lopollotsoe Sefing sa ea Tšoasang Linonyana” le e reng “Ho Batla ka Hare ho ‘Lintho Tse Tebileng Tsa Molimo.’” Lenaneo la hoseng le phetha ka puo eo ka mor’a eona ba tšoanelehang ba tla il’o kolobetsoa metsing.

Lenaneo la Moqebelo thapama le tla akarelletsa puo e reng “E-ba le Pono ea Mangolo Litabeng Tsa Tlhokomelo ea Bophelo,” “Ke Moea Ofe o Laolang Bophelong ba Hao?,” “Etsang Hore Lenyalo le Lule e le ‘Thapo e Meloho e Meraro,’” le e reng “Bacha, ‘Hopolang ’Mōpi oa Lōna e Moholo, Hona Joale.’” Puo e phethang e reng “Na U Lutse U Hopotse Letsatsi la Jehova?,” e tla fana ka keletso e sebetsang mehleng ena ea rōna.

Lenaneo la Sontaha hoseng le tla akarelletsa lipuo tsa nelehetsano tse nang le sehlooho se reng “’Muso oa Maholimo o Joaloka . . . ” Lipuo tseo tse ’nè tse khutšoanyane li tla tšohla tse ling tsa lipapiso tsa Jesu.

Lenaneo la hoseng le tla tsoela pele ka puo e tla ba selelekela sa ntho e thabisang haholo kopanong, e leng tšoantšiso ea moaparo oa boholo-holo e thehiloeng khaolong ea 13 ea buka ea Bibele ea Marena a Pele. Lenaneo le phethang Sontaha thapama le tla ba le puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Topollo e Tlisoang ke ’Muso oa Molimo e Atametse!”

Rera esale hona joale hore u be teng. Bakeng sa ho fumana hore na e tla tšoareloa kae haufi le moo u lulang, e-ea Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela